Labobedi la 23 December
Ke e boletse mme ke tla e phethahatsa.—Esa. 46:11.
Jehova o ile a romela Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng e le hore a rute batho ka Mmuso wa hae mme a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla sebeng le lefung. Ka mora moo, Jesu o ile a tsosetswa lehodimong hore a yo busa e le Morena wa Mmuso wa Modimo. Molaetsa o ka sehloohong o ka Bibeleng ke hore lebitso la Jehova le tla halaletswa le hore morero wa Jehova ka lefatshe o tla phethahala a sebedisa Mmuso wa hae o tlasa puso ya Kreste. Morero wa Jehova o ke ke wa fetoha. O ile a tshepisa hore o tla o phethahatsa. (Esa. 46:10, nal.; Baheb. 6:17, 18) Ha nako e ntse e ya, lefatshe e tla ba paradeise mme batho ba phethahetseng e leng ditloholo tsa Adama le Eva ba tla “thabela bophelo ka ho sa feleng.” (Pes. 22:26) Ho ekelletsa moo, Jehova o na le ntho e kgolo eo a batlang ho e etsa e leng ho etsa hore bahlanka ba hae ba lehodimong le ba lefatsheng ba mo sebeletse ba momahane. Ka nako eo, bahlanka bohle ba Modimo ba tshepahalang ba tla ikokobeletsa yena e le Mmusi. (Baef. 1:8-11) Re a hlollwa ha re bona tsela eo Jehova a phethahatsang morero wa hae ka yona. w23.10 20 ¶7-8
Laboraro la 24 December
“Le be sebete, . . . hobane ke na le lona,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.—Hag. 2:4.
Ha Bajuda ba tswileng Babilona ba fihla Jerusalema, ba ile ba angwa ke mathata a moruo, maemo a dipolotiki a sa tsitsang hape ba hanyetswa ke dira tsa bona. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba thatafallwa ke ho etsa hore mosebetsi wa ho tsosolosa tempele ya Jehova e be wona wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ka hona, Jehova o ile a roma moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria hore ba tsose Bajuda molota e le hore ba sebetse mme setjhaba se ile sa fela sa tsoha molota ha se utlwa kgothatso ya baprofeta bana. (Hag. 1:1; Zak. 1:1) Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 50 ha morao, Bajuda ba ile ba wa moya hape. Esdrase, mokopitsi ya hlwahlwa wa Molao o ile a tloha Babilona a ya Jerusalema e le hore a kgothaletse batho ba Modimo hore ba etse hore borapedi ba nnete e be ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. (Esdr. 7:1, 6) Boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ile ba thusa batho ba Modimo mehleng ya kgale hore ba dule ba tshepile Jehova ha ba hanyetswa. Le rona bo ka re thusa hore re dule re tshepile hore Jehova o tla re thusa le ha re ena le mathata.—Diprov. 22:19. w23.11 14-15 ¶2-3
Labone la 25 December
Le ratane ka ha lerato le etsa hore batho ba utlwane.—Bakol. 3:14.
Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ratana haholo? Jwalo ka ha re se re ithutile, ha re rata bana ba bo rona re a bontsha hore re rata Jehova. (1 Bathes. 4:18) Re ka bontsha jwang hore re a ba rata? Ntho e nngwe eo re ka e etsang ke ho ba tshedisa. Re tla kgona hore ‘re nne re tshedisane’ haeba re utlwelana bohloko. Re ka etsang e le hore re dule re ratana haholo? Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho tshwarela bana ba bo rona ha ba entse diphoso. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa le ho feta hona jwale hore re ratane? Ha Petrose a fana ka karabo, o re: “Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ka hoo, . . . le ratane haholo.” (1 Pet. 4:7, 8) Re ka lebella hore ho etsahale eng ha bofelo ba lefatshe lee bo ntse bo atamela? Jesu o ile a re ka barutuwa ba hae: “Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Re lokela ho dula re momahane e le hore re kgone ho mamella lehloyo leo. Haeba re etsa jwalo, le ha Satane a ka leka ho re arohanya, a ke ke a o besa wa tuka.—Bafil. 2:1, 2. w23.11 13 ¶18-19