Genese
13 Ka mor’a moo Abrame a tloha Egepeta, eena le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona, hammoho le Lota, a ea Negebe.+ 2 Abrame o ne a ruile mehlape e mengata le silevera le khauta.+ 3 Eaba o tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling ho tsoa Negebe le ho ea fihla Bethele, ho ea fihla sebakeng seo tente ea hae e neng e le ho sona pele pakeng tsa Bethele le Ai,+ 4 sebakeng seo a ileng a etsa aletare ho sona qalong;+ ’me Abrame a ipiletsa lebitsong la Jehova moo.+
5 Joale Lota, ea neng a tsamaea le Abrame, le eena o ne a e-na le linku le likhomo le litente. 6 Kahoo naha ha ea ka ea ba lumella hore ba lule hammoho, hobane thepa ea bona e ne e le ngata ’me ba ne ba sa khone ho lula hammoho.+ 7 Eaba ho tsoha qabang pakeng tsa balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Lota; ’me ka nako eo Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.+ 8 Kahoo Abrame a re ho Lota:+ “Ka kōpo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho.+ 9 Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kōpa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.”+ 10 Kahoo Lota a phahamisa mahlo ’me a bona Setereke sohle sa Jordane,+ hore kaofela ha sona e ne e le sebaka se noselitsoeng hantle pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora, se tšoana le serapa sa Jehova,+ se tšoana le naha ea Egepeta ho ea fihla Zooare.+ 11 Joale Lota a ikhethela Setereke sohle sa Jordane, ’me Lota a tlosa liahelo a li isa bochabela. Kahoo ba arohana. 12 Abrame a lula naheng ea Kanana, empa Lota a lula har’a metse ea Setereke seo.+ Qetellong a hloma tente haufi le Sodoma. 13 Banna ba Sodoma ba ne ba le babe ’me e le baetsalibe ba baholo khahlanong le Jehova.+
14 Eaba Jehova o re ho Abrame ka mor’a hore Lota a arohane le eena: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me ho tloha sebakeng seo u leng ho sona, u talime nģ’a leboea le nģ’a boroa le nģ’a bochabela le nģ’a bophirimela,+ 15 hobane naha eohle eo u e talimileng, ke tla e fa uena le peō ea hao ho fihlela nakong e sa lekanyetsoang.+ 16 Ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lerōle la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerōle la lefatše, le peō ea hao a ka khonang ho e bala.+ 17 Ema, pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona, hobane ke tla u fa eona.”+ 18 Kahoo Abrame a tsoela pele a phela litenteng. Hamorao a tla ’me a lula har’a lifate tse khōlō tsa Mamre,+ tse Hebrone;+ ’me a hahela Jehova aletare moo.+