Genese
21 Eaba Jehova o lebisa tlhokomelo ea hae ho Sara feela joalokaha a boletse, ’me joale Jehova a etsa Sara feela joalokaha a boletse.+ 2 Sara a ima+ a ntan’o tsoalla Abrahama mora botsofaling ba hae ka nako e behiloeng eo Molimo a mo boleletseng eona.+ 3 Tumellanong le hoo Abrahama a reha mora oa hae eo a mo tsoaletsoeng, eo Sara a mo tsoaletseng eena, lebitso la Isaka.+ 4 Eaba Abrahama o bolotsa mora oa hae Isaka ha a le matsatsi a robeli, feela joalokaha Molimo a mo laetse.+ 5 Abrahama o ne a le lilemo li lekholo ha a tsoalloa mora oa hae Isaka. 6 Joale Sara a re: “Molimo o ntokiselitse litšeho: e mong le e mong ea utloang ka hona o tla ntšeha.”+ 7 Eaba oa eketsa: “Ke mang ea neng a ka bolella Abrahama a re, ‘Ka sebele Sara o tla anyesa bana,’ athe ke tsoetse mora botsofaling ba hae?”
8 Joale ngoana a ’na a hōla ’me a khoesoa;+ eaba Abrahama o lokisetsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a khoesoang ka lona. 9 Sara a ’na a hlokomela mora oa Hagare Moegepeta,+ eo a mo tsoaletseng Abrahama, a ntse a soma.+ 10 Kahoo a qala ho re ho Abrahama: “Leleka lekhabunyane lena le mora oa lona, etsoe mora oa lekhabunyane lena e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa ka, le Isaka!”+ 11 Empa ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama mabapi le mora oa hae.+ 12 Joale Molimo a re ho Abrahama: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae, hobane se tla bitsoa peō ea hao se tla ba teng ka Isaka.+ 13 Ha e le mora oa lekhabunyane,+ le eena ke tla mo etsa sechaba, hobane ke ngoana oa hao.”+
14 Kahoo Abrahama a tsoha hoseng haholo ’me a nka bohobe le lekuka la metsi a li fa Hagare,+ a li beha lehetleng la hae, le ngoana,+ a ntan’o re a tsamaee. Eaba oa tsamaea ’me o lelera lefeelleng la Beerseba.+ 15 Qetellong metsi a fela+ ka lekukeng eaba o lahlela+ ngoana tlas’a se seng sa lihlahla. 16 Eaba oa tloha ’me o lula a le mong hoo e ka bang bohōle ba ho fula ka seqha, hobane o ile a re: “E-re ke se ke ka bona ha ngoana a shoa.”+ Kahoo a lula fatše sebakana eaba o qala ho phahamisa lentsoe ’me oa lla.+
17 Eaba Molimo o utloa lentsoe la moshanyana,+ ’me lengeloi la Molimo la bitsa Hagare le le maholimong la re ho eena:+ “Molato ke’ng, Hagare? U se ke ua tšoha, hobane Molimo o mametse lentsoe la moshanyana moo a leng teng. 18 Ema, phahamisa moshanyana ’me u mo tšoare ka letsoho, hobane ke tla mo etsa sechaba se seholo.”+ 19 Joale Molimo a mo bula mahlo hoo eitseng ha a re heli! a ileng a bona seliba sa metsi;+ eaba oa ea ’me o qala ho tlatsa lekuka ka metsi ’me a a fa moshanyana hore a noe. 20 Molimo a tsoela pele ho ba le moshanyana,+ a ’na a hōla eaba o lula lefeelleng; ’me ea e-ba ea fulang metsu.+ 21 Eaba o lula lefeelleng la Parane,+ ’me ’m ’ae a mo nkela mosali naheng ea Egepeta.
22 Joale ka nako eo, Abimeleke hammoho le Fikole molaoli oa lebotho la hae ba re ho Abrahama: “Molimo o na le uena nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.+ 23 Kahoo joale ntlhapanyetse mona ka Molimo+ hore u ke ke ua hloka botšepehi ho ’na le ho bana ba ka le ho litloholo tsa ka;+ hore, ho ea ka lerato le tšepahalang leo ke sebetsaneng le uena ka lona,+ u tla sebetsana le ’na le naha eo u ’nileng ua lula ho eona u le mojaki.”+ 24 Kahoo Abrahama a re: “Ke tla hlapanya.”+
25 Ha Abrahama a nyatsa Abimeleke ka matla mabapi le seliba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba se nkileng ka mabifi,+ 26 joale Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ea entseng ntho ena, le uena ha ua ka ua mpolella eona, hape ha ke e-s’o utloele ka eona haese kajeno.”+ 27 Eaba Abrahama o nka linku le likhomo o li fa Abimeleke,+ ’me ka bobeli ba hlaba selekane.+ 28 Ha Abrahama a behella likonyana tse tšehali tse supileng tsa mohlape ka thōko, 29 Abimeleke a tsoela pele ho re ho Abrahama: “Likonyana tsena tse tšehali tse supileng tseo u li beheletseng ka thōko li bolela’ng?” 30 Joale a re: “U lokela ho amohela likonyana tsena tse tšehali tse supileng letsohong la ka, e le hore e be bopaki+ bakeng sa ka hore ke chekile seliba sena.” 31 Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beerseba,+ hobane ka bobeli ba nkile kano moo. 32 Kahoo ba hlaba selekane+ Beerseba, ka mor’a moo Abimeleke a ema hammoho le Fikole molaoli oa lebotho la hae eaba ba khutlela naheng ea Bafilista.+ 33 Ka mor’a moo a lema sefate sa tamariske Beerseba ’me moo a ipiletsa lebitsong la Jehova+ Molimo ea hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ 34 Eaba Abrahama o lelefatsa bolulo ba hae e le mojaki naheng ea Bafilista ka matsatsi a mangata.+