Genese
34 Joale Dina morali oa Lea,+ eo a mo tsoaletseng Jakobo, o ne a ee a tsoe ho ea bona+ banana ba naha eo.+ 2 Eaba Shikeme mora oa Hamore Moheve,+ morenana oa naha, oa mo bona a ntan’o mo nka a robala le eena ’me a mo beta.+ 3 Moea oa hae oa qala ho khomarela Dina morali oa Jakobo, a qala ho rata moroetsana eo ’me a ’na a bua le moroetsana ka mokhoa o susumetsang. 4 Qetellong Shikeme a re ho ntat’ae Hamore:+ “Mphumanele mofumahatsana enoa hore e be mosali oa ka.”+
5 Eaba Jakobo oa utloa hore o silafalitse morali oa hae Dina. Bara ba hae ba ne ba le naheng le mohlape oa hae;+ Jakobo a khutsa ho fihlela ba kena.+ 6 Hamorao Hamore, ntat’a Shikeme, a ea ho Jakobo ho ea bua le eena.+ 7 Bara ba Jakobo ba khutla naheng hang ha ba utloa ka hona; ’me banna bana ba utloa bohloko ’me ba halefa haholo,+ hobane a entse booatla bo nyelisehang khahlanong le Iseraele ka ho robala le morali oa Jakobo,+ athe ha hoa tšoanela hore ho etsoe ntho e joalo.+
8 Hamore a bua le bona, a re: “Ha e le mora oa ka Shikeme, moea oa hae o khomaretse morali oa lōna.+ Ka kōpo, mo feng eena hore e be mosali oa hae,+ 9 ’me le etse selekane sa lenyalo le rōna.+ Le re fe barali ba lōna, ’me le tla inkela barali ba rōna.+ 10 Le tla lula le rōna, ’me le tla fuoa naha. Lulang le hoebe ho eona ’me le ahe ho eona.”+ 11 Joale Shikeme a re ho ntat’a Dina le ho likhaitseli tsa hae: “A nke ke fumane kamohelo mahlong a lōna, ’me ke tla fana ka eng kapa eng eo le tla mpolella eona. 12 Nyollang chelete ea bohali haholo le mpho e batloang ho ’na,+ ’me ke itokiselitse ho fana ho ea ka seo le tla mpolella sona; feela le mphe moroetsana enoa hore e be mosali oa ka.”
13 Bara ba Jakobo ba qala ho araba Shikeme le ntat’ae Hamore ka thetso le ho bua joalo hobane a silafalitse khaitseli ea bona Dina.+ 14 Eaba ba tsoela pele ho re ho bona: “Re ke ke ra etsa ntho e joalo, ho fana ka khaitseli ea rōna ho monna ea nang le ntlha ea letlalo la setho sa botona,+ hobane hona ke nyeliso ho rōna. 15 Ke feela ka tumellano ena re ka lumelang, hore le be joaloka rōna, ka hore e mong le e mong e motona ho lōna a bolle.+ 16 Joale ka sebele re tla le fa barali ba rōna, ’me re tla inkela barali ba lōna, ’me re tla lula le lōna re fetohe sechaba se le seng.+ 17 Empa haeba le sa re mamele hore le bolle, joale re tla nka morali oa rōna re tsamaee.”
18 Mantsoe a bona a bonahala a le molemo mahlong a Hamore le mahlong a Shikeme, mora oa Hamore,+ 19 ’me mohlankana ha aa ka a lieha ho etsa ho ea ka tumellano,+ hobane a khahliloe ke morali oa Jakobo ’me mohlankana e ne e le ea hlomphehang ka ho fetisisa+ ho bohle ba ntlo ea ntat’ae.+
20 Kahoo Hamore le mora oa hae Shikeme ba ea hekeng ea motse oa bona ’me ba qala ho bua le banna ba motse,+ ba re: 21 “Banna bana ba rata ho ba le khotso le rōna.+ Kahoo a re ba tloheleng hore ba lule naheng ba hoebe ho eona, kaha naha e pharaletse haholo ka pel’a bona.+ Re ka nka barali ba bona hore e be basali ba rōna ’me re ka ba fa barali ba rōna.+ 22 Ke feela ka tumellano ena banna bana ba ka re fang tumello ea ho lula le rōna e le hore re ka fetoha sechaba se le seng, hore e mong le e mong e motona ho lōna a bolle hantle feela ka tsela eo ba bolotseng ka eona.+ 23 Joale matlotlo a bona le leruo la bona le liphoofolo tsohle tsa bona tse ruiloeng, na e ke ke ea e-ba tsa rōna?+ A re ba feng tumello ea hore ba lule le rōna.”+ 24 Joale bohle ba tsoang ka heke ea motse ba mamela Hamore le mora oa hae Shikeme, ’me bohle ba batona ba bolla, bohle ba tsoang hekeng ea motse.
25 Leha ho le joalo, eitse ka letsatsi la boraro, ha ba opeloa,+ bara ba babeli ba Jakobo, Simeone le Levi,+ likhaitseli tsa Dina,+ ba nka e mong le e mong sabole ea hae ba ea motseng ba sa belaelloe ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.+ 26 Ba bolaea Hamore le mora oa hae Shikeme ka bohale ba sabole.+ Joale ba nka Dina ntlong ea Shikeme ba tsoa.+ 27 Bara ba bang ba Jakobo ba hlasela banna ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang eaba ba tlatlapa motse, hobane ba silafalitse khaitseli ea bona.+ 28 Ba nka mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le liesele tsa bona le se neng se le motseng le se neng se le tšimong.+ 29 Ba nka sohle seo ba iphelisang ka sona ’me bana bohle ba bona ba banyenyane le basali ba bona ba ba isa kholehong, kahoo ba tlatlapa sohle se neng se le ka matlung.+
30 Eaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi:+ “Le ntliselitse khathatso ka ho nketsa seputa ho baahi ba naha,+ ho Bakanana le Bapereze; athe kea fokola ka palo,+ ka sebele ba tla mpokanela ba ntlhasele ’me ke tla felisoa, ’na le ba ntlo ea ka.” 31 Eaba ba re: “Na ho na le motho ea tšoanetseng ho tšoara khaitseli ea rōna joaloka letekatse?”+