Genese
38 Khabareng eitse ha Juda a tloha ho barab’abo a hloma tente ea hae haufi le monna e mong, Moadulame,+ lebitso la hae e le Hira. 2 Moo Juda a bona morali oa Mokanana e mong,+ eo lebitso la hae e neng e le Shua. Kahoo a mo nka ’me a kopanela liphate le eena. 3 Eaba oa ima. Hamorao a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Ere.+ 4 A boela a ima. Ka mor’a nako a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Onane. 5 Ka nako e ’ngoe hape a boela a tsoala mora ’me joale a mo reha lebitso la Shela. Joale o ne a le Akzibe ka nako eo mosali oa hae a mo tsoalang.+
6 Ka mor’a nako Juda a nkela Ere letsibolo la hae mosali, lebitso la hae e ne e le Tamare.+ 7 Empa Ere, letsibolo la Juda, o ne a le mobe mahlong a Jehova;+ kahoo Jehova a mo bolaea.+ 8 Ka lebaka leo Juda a re ho Onane: “Kopanela liphate le mosali oa mor’eno ’me u mo kenele u hlahisetse mor’eno bana.”+ 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ea e-ba ba hae;+ eitse ha a kopanela liphate le mosali oa mor’abo a ntšetsa peō ea hae fatše e le hore a se ke a fa mor’abo bana.+ 10 Joale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova;+ kahoo le eena a mo bolaea.+ 11 Kahoo Juda a re ho ngoetsi ea hae Tamare: “Lula u le mohlolohali ntlong ea ntat’ao ho fihlela Shela mora oa ka a hōlile.”+ Etsoe o ne a ipoleletse ho re: “Le eena a ka ’na a shoa joaloka barab’abo.”+ Tumellanong le hoo Tamare a tsamaea ’me a lula ntlong ea ntat’ae.+
12 Kahoo matsatsi a ngatafala ’me morali oa Shua, mosali oa Juda,+ a shoa; eaba Juda o boloka nako ea ho siama.+ Ka mor’a moo a nyolohela ho bakuti ba linku tsa hae, eena le Hira motsoalle oa hae oa Moadulame,+ ba ea Timna.+ 13 Joale ha bolelloa Tamare: “Bona! ntat’ao matsale o nyolohela Timna ho ea kuta linku tsa hae.”+ 14 A hlobola liaparo tsa bohlolohali ba hae a ikoahela ka tjale eaba o ikhurumetsa ka lesira o lula monyako oa Enaime, e tseleng e eang Timna. Etsoe o ne a bone hore Shela o hōlile ’me leha ho le joalo ha aa mo fuoa hore e be mosali oa hae.+
15 Ha Juda a re heli! a mo bona, hang-hang a nka hore ke seotsoa,+ hobane a ne a ikoahetse sefahleho.+ 16 Kahoo a fapohela ho eena pel’a tsela ’me a re: “Ka kōpo, ntumelle hore ke kopanele liphate le uena.”+ Etsoe o ne a sa tsebe hore ke ngoetsi ea hae.+ Leha ho le joalo, a re: “U tla mpha eng hore u kopanele liphate le ’na?”+ 17 Eaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tsoa mohlapeng.” Empa a re: “Na u tla mpha tebeletso ho fihlela u e romela?”+ 18 Eaba o tsoela pele: “Ke tla u fa tebeletso ea eng?” eaba o re: “Lesale la hao la tiiso+ le thapo ea hao le molamu o letsohong la hao.” Joale a mo fa tsona eaba o kopanela liphate le eena, kahoo a mo imisa. 19 Ka mor’a moo a ema ’me a tsamaea eaba o hlobola tjale ea hae o apara liaparo tsa bohlolohali ba hae.+
20 Joale Juda a romela potsanyane ka letsoho la motsoalle oa hae oa Moadulame+ e le hore a boele a fumane tebeletso letsohong la mosali eo, empa ha aa ka a mo fumana. 21 Eaba o qala ho botsa banna ba sebaka sa habo, o re: “Le hokae letekatse lane la tempele la Enaime pel’a tsela?” Empa ba ’na ba re: “Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse la tempele+ sebakeng sena.” 22 Qetellong a khutlela ho Juda ’me a re: “Ha kea ka ka mo fumana ’me, ntle ho moo, banna ba sebaka seo ba itse, ‘Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse la tempele sebakeng sena.’” 23 Kahoo Juda a re: “A ke a inkele tsona, e le hore re se ke ra oeloa ke nyeliso.+ Leha ho le joalo, ke rometse potsanyane ena, empa uena—ha ua ka ua mo fumana.”
24 Leha ho le joalo, hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao ha bolelloa Juda: “Ngoetsi ea hao Tamare o ikentse seotsoa,+ ’me bona! o imme+ ka bootsoa ba hae.” Eaba Juda o re: “Mo ntšetseng ka ntle ’me a chesoe.”+ 25 Ha a ntšetsoa ka ntle a romeletsa ho ntat’ae matsale, a re: “Ke imisitsoe ke monna eo tsena e leng tsa hae.”+ Eaba oa eketsa: “Ka kōpo, hlahloba+ hore na tsena ke tsa mang, lesale la tiiso le thapo le molamu.”+ 26 Joale Juda a li hlahloba ’me a re:+ “O lokile ho mpheta,+ ka lebaka la hore ha kea ka ka mo fa mora oa ka Shela.”+ ’Me ha aa ka a hlola a kopanela liphate le eena ka mor’a moo.+
27 Joale eitse ha a beleha, bonang! ho ne ho e-na le mafahla ka mpeng ea hae. 28 Ho ekelletsa moo, eitse ha a beleha le leng la otlolla letsoho la lona, ’me hang-hang ’melehisi a nka sekotoana sa lesela se ’mala oa sekareleta a se tlama letsohong la lona, a re: “Enoa o tsoile pele.” 29 Qetellong hang ha a khutlisa letsoho la hae, bonang! mor’abo a tsoa, kahoo a hooa: “U bolela eng ka sena, hore ebe u itaboletse linoka?” Kahoo a rehoa lebitso la Pereze.+ 30 Ka mor’a moo mor’abo eo letsoho la hae le nang le sekotoana sa lesela se ’mala oa sekareleta a tsoa ’me a rehoa lebitso la Zera.+