2 Samuele
15 Eitse ka mor’a lintho tsena Absalome a re a etsetsoe koloi, e nang le lipere le e nang le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.+ 2 Absalome a tsoha hoseng+ ’me a ema lehlakoreng la tsela e eang hekeng.+ E ne e re ha motho leha e le ofe a e-na le nyeoe e lokelang ho tla ho morena bakeng sa kahlolo,+ joale Absalome o ne a mo bitsa ’me a re: “U tsoa motseng ofe?” ’me o ne a re: “Mohlanka oa hao o tsoa ho o mong oa meloko ea Iseraele.” 3 Absalome o ne a re ho eena: “Bona, litaba tsa hao li ntle ebile li otlolohile; empa ho morena ha ho ea u utloang.”+ 4 Absalome o ne a tsoela pele ho re: “Hoja ke ne ke behiloe moahloli naheng,+ hore motho e mong le e mong ea nang le nyeoe kapa kahlolo a tle ho ’na! Joale ka sebele ke ne ke tla mo etsa ka toka.”+
5 E ne e re ha motho a atamela ho mo inamela, o ne a otlolla letsoho ’me a mo tšoare+ a mo ake. 6 Absalome a ’na a etsa ntho e joaloka ena ho Baiseraele bohle ba neng ba kena bakeng sa kahlolo ho morena; Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.+
7 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mane Absalome a re ho morena: “Ka kōpo, e-re ke ee Hebrone+ ’me ke phethe boitlamo ba ka boo ke bo entseng ka tieo ho Jehova.+ 8 Etsoe mohlanka oa hao o entse boitlamo+ bo tiileng ha ke ntse ke lula Geshure+ e Syria, ka re, ‘Haeba ruri Jehova o tla nkhutlisetsa Jerusalema, le ’na ke tla etsetsa Jehova tšebeletso.’”+ 9 Kahoo morena a re ho eena: “E-ea ka khotso.”+ Eaba oa tloha ’me o ea Hebrone.
10 Joale Absalome a romela lihloela+ melokong eohle ea Iseraele, a re: “Hang ha le utloa molumo oa lenaka, le re, ‘Absalome ke morena+ Hebrone!’”+ 11 Joale banna ba makholo a mabeli ba ne ba tsamaile le Absalome ho tloha Jerusalema, ba bitsitsoe ’me ba ea ba sa belaelle letho,+ ’me ba ne ba sa tsebe letho. 12 Ho ekelletsa moo, ha a nyehela mahlabelo, Absalome a romeletsa ho Akitofele+ Mogilone,+ moeletsi+ oa Davida, ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana+ oa ’na oa e-ba matla haholo, ’me batho ba ne ba eketseha ka palo+ ka ho tsoelang pele ho Absalome.
13 Ka mor’a nako motlalehi oa litaba a fihla ho Davida, a re: “Lipelo+ tsa batho ba Iseraele li setse Absalome morao.” 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang, ’me re baleheng;+ etsoe re ke ke ra phonyoha ka lebaka la Absalome! Tsamaeang ka potlako, esere a potlaka ’me a re fumana eaba o re tlisetsa se sebe ’me o hlasela motse ka bohale ba sabole!”+ 15 Eaba bahlanka ba morena ba re ho morena: “Ho ea ka sohle seo khosi ea ka morena a ka se khethang, bahlanka ba hao ke bana.”+ 16 Kahoo morena a tsoa le bohle ba ntlo ea hae ba le maotong a hae,+ eaba morena o siea basali ba leshome, lirethe,+ hore li hlokomele ntlo. 17 Morena a tsoela pele ho tsoa le batho bohle ba le maotong a hae; ba emisa Bethe-merehake.
18 Bahlanka bohle ba hae ba ne ba tšela lehlakoreng la hae; Bakerethe bohle le Bapelethe+ bohle le Bagathe+ bohle, banna ba makholo a tšeletseng ba neng ba mo latetse ho tsoa Gathe,+ ba ne ba tšela ka pel’a sefahleho sa morena. 19 Joale morena a re ho Itai+ Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u lokela ho ea le rōna? Khutla+ ’me u lule le morena; kaha u osele ’me, ntle ho moo, u moholehuoa ho tsoa sebakeng sa heno. 20 Ke maobane ha u ne u tla ’me na kajeno ke tla etsa hore u hlahlathele+ le rōna, hore u tsamaee ha ke e-ea kae kapa kae moo ke eang teng? Khutla ’me u boele morao le barab’eno, [’me e se eka Jehova a ka u bontša] mosa o lerato+ le botšepehi!”+ 21 Empa Itai a araba morena a re: “Ka Jehova ea phelang le ka khosi ea ka morena ea phelang,+ sebakeng seo khosi ea ka morena a ka bang ho sona, ebang ke bakeng sa lefu kapa bakeng sa bophelo, ke hona moo mohlanka oa hao a tla ba teng!”+ 22 Eaba Davida o re ho Itai:+ “Tsamaea ’me u tšele.” Kahoo Itai Mogathe a tšela, hammoho le batho bohle ba hae le bana bohle ba banyenyane ba neng ba e-na le eena.
23 Batho bohle ba naha ba ne ba lla ka lentsoe le phahameng,+ ’me batho bohle ba ne ba tšela, ’me morena o ne a eme phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ’me batho bohle ba ne ba tšela tseleng e bulehileng e eang lefeelleng. 24 Bonang! ho ne ho e-na le Tsadoke+ ’me a e-na le Balevi+ bohle ba jereng+ areka+ ea selekane ea Molimo oa ’nete; ba beha areka ea Molimo oa ’nete fatše pel’a Abiathare+ ho fihlela batho bohle ba qetile ho tšela ho tsoa motseng. 25 Empa morena a re ho Tsadoke: “Khutlisetsa areka+ ea Molimo oa ’nete motseng.+ Haeba ke tla fumana kamohelo mahlong a Jehova, ka sebele o tla boela a nkhutlise ’me a ntumelle ho e bona le sebaka sa eona sa bolulo.+ 26 Empa haeba sena ke seo a tla se bua, ‘Ha kea khahloa ke uena,’ ke ’na enoa, a ke a nketse feela joalokaha ho le molemo mahlong a hae.”+ 27 Morena a tsoela pele ho re ho moprista Tsadoke: “U seboni,+ na ha ho joalo? Khutlela motseng ka khotso, le mora oa hao Akimaze le Jonathane+ mora oa Abiathare, bara ba lōna ba babeli, hammoho le lōna. 28 Bonang, ke tla lieha malibohong a lefeella ho fihlela lentsoe le tla ho tsoa ho lōna ho ntsebisa.”+ 29 Tumellanong le hoo Tsadoke le Abiathare ba khutlisetsa areka ea Molimo oa ’nete Jerusalema, eaba ba tsoela pele ho lula moo.
30 Davida o ne a nyoloha ka moepa oa Mehloaare,+ a nyoloha a ntse a lla, a ikoahetse hlooho;+ o ne a tsamaea a sa roala letho maotong, ’me e mong le e mong ho batho bohle ba neng ba e-na le eena o ne a ikoahetse hlooho, ’me ba nyoloha ba ntse ba lla.+ 31 Ha tlaleheloa Davida, ha thoe: “Akitofele o har’a ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Eaba Davida o re:+ “Ka kōpo, Jehova,+ fetola keletso ea Akitofele booatla!”+
32 Eitse ha Davida a fihla tlhōrōng ea thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ Moareke+ o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.+ 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ne u tšetse le ’na, joale ka sebele u ne u tla ba mojaro ho ’na.+ 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao, Morena. Ke ’nile ka ba mohlanka oa ntat’ao, ka nako eo, empa joale ke mohlanka oa hao,’+ joale u nyopise+ keletso ea Akitofele bakeng sa ka. 35 Na baprista Tsadoke le Abiathare ha ba hammoho le uena moo?+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka e utloang ntlong ea morena u lokela ho e bolella baprista Tsadoke le Abiathare.+ 36 Bona! Bara ba bona ba babeli ba na le bona moo, Akimaze+ oa Tsadoke le Jonathane+ oa Abiathare; le nthomelle ka bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le ka e utloang.” 37 Kahoo Hushai, motsoalle oa Davida,+ a kena motseng. Ha e le Absalome,+ a tla Jerusalema.