2 Samuele
23 Ana ke mantsoe a ho qetela a Davida:+
“Se boleloang ke Davida mora oa Jese,+
Le se boleloang ke monna ea shahlileng ea ileng a phahamisetsoa holimo,+
Motlotsuoa+ oa Molimo oa Jakobo,
Le ea khahlehang oa lipina tsa thoriso+ tsa Iseraele.
3 Molimo oa Iseraele o itse,
Lefika la Iseraele le buile le ’na,+
‘Ha ea busang holim ’a moloko oa batho a lokile,+
A busa ka ho tšaba Molimo,+
4 Joale ho joaloka leseli la hoseng, ha letsatsi le chaba,+
Hoseng ho se nang maru.
Ho tloha khanyeng, ho tloha puleng, ho na le joang lefatšeng.’+
5 Etsoe na ntlo ea ka ha e joalo ho Molimo?+
Hobane ke selekane+ se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang seo a nkabetseng sona,
Se hlophisitsoeng hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe le se tiisitsoeng.+
Hobane ke sona poloko+ eohle ea ka le thabo eohle ea ka,
Na hase lebaka leo ka lona a tlang ho se hōlisa?+
6 Empa batho+ ba se nang molemo baa lelekoa,+ joaloka lihlahla tse meutloa,+ kaofela ha bona;
Etsoe ha baa lokela ho nkoa ka letsoho.
7 Ha motho a ba ama
O lokela hore ebe o hlometse ka ho feletseng ka tšepe le ka thekō ea lerumo,
Ba tla chesoa ka mollo ka ho feletseng.”+
8 Ana ke mabitso a banna ba matla+ bao e neng e le ba Davida: Joshebe-bashebethe+ Motakmone, hlooho ea ba bararo. O ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a robeli ba bolailoeng ka nako e le ’ngoe. 9 Pel’a hae e ne e le Eleazare+ mora oa Dodo+ mora oa Akoki ea neng a le har’a banna ba bararo ba matla ba nang le Davida ha ba ne ba nyelisa Bafilista. Ba ne ba bokane moo bakeng sa ntoa, kahoo banna ba Iseraele ba ikhula.+ 10 Ke eena ea ileng a ema ’me a ’na a bolaea Bafilista ho fihlela letsoho la hae le tepella ’me letsoho la hae le khomaretse sabole,+ hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō letsatsing leo;+ ha e le batho, ba khutla ba mo setse morao hore feela ba e’o hlobolisa ba bolailoeng.+
11 Pel’a hae e ne e le Shama mora oa Age Moharare.+ Bafilista ba bokana Lehi, moo ka nako eo ho neng ho e-na le tšimo e tletseng lensisi;+ batho ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12 Empa a ema har’a tšimo eaba oa e lopolla ’me a ’na a bolaea Bafilista, hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō.+
13 Ba bararo ho ba mashome a mararo ba ka sehloohong+ ba theoha ’me ba tla ho Davida lehaheng la Adulame+ ha ho kotuloa; motsana oa litente oa Bafilista o ne o hlonngoe khohlong ea Barefaime.+ 14 Nakong eo Davida o ne a le sebakeng seo ho leng thata ho se atamela;+ nakong eo setsi se ka thōko sa sesole+ sa Bafilista se ne se le Bethlehema. 15 Ka mor’a nakoana Davida a bolela takatso ea hae ’me a re: “Hoja nka noa metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema se hekeng!”+ 16 Eaba banna ba bararo ba matla ba kena ka mahahapa liahelong tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng sa Bethlehema se hekeng ’me ba tla ba a nkile ba a tlisa ho Davida;+ ha aa ka a lumela ho a noa, empa a a qhalla+ fatše bakeng sa Jehova. 17 A tsoela pele ho re: “Ke ho sa utloahaleng,+ Jehova, hore ke etse sena! [Na ke tla noa] mali+ a banna ba tsamaeang ka ho beha meea ea bona kotsing?” Ha aa ka a lumela ho a noa.
Tsena ke lintho tseo banna bao ba bararo ba matla ba ileng ba li etsa.
18 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe mora oa Tseruja,+ e ne e le hlooho ea ba mashome a mararo, ’me o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo.+ 19 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba bang kaofela ba mashome a mararo, ’me e ile ea e-ba molaoli oa bona, ha aa ka a fihla boemong ba ba bararo ba pele.+
20 Ha e le Benaia+ mora oa Jehojada+ mora oa monna ea sebete, ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele,+ a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe; a theoha ’me a bolaela tau+ ka har’a sekoti sa metsi letsatsing la ha lehloa le khethehile.+ 21 Ke eena ea ileng a bolaea monna oa Moegepeta eo e neng e le oa boholo bo sa tloaelehang.+ Le hoja ho ne ho e-na le lerumo letsohong la Moegepeta, leha ho le joalo o ile a theohela ho eena ka molamu ’me a hloibila lerumo letsohong la Moegepeta eaba o mo bolaea ka lerumo la hae.+ 22 Benaia+ mora oa Jehojada a etsa lintho tsena; o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba banna bao ba bararo ba matla.+ 23 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba mashome a mararo, ha aa ka a fihla boemong ba bao ba bararo; empa Davida o ne a mo behile hore e be molebeli oa hae.+
24 Asahele+ mor’abo Joabe o ne a le har’a ba mashome a mararo; Elkanane+ mora oa Dodo oa Bethlehema, 25 Shama+ Moharode, Elika Moharode,26 Heleze+ Mopelete, Ira+ mora oa Ikeshe+ Motekooa, 27 Abi-ezere+ Moanathothe,+ Mebunai Mohushathe,+ 28 Zalmone Moakoki,+ Maharai+ Monetofa, 29 Helebe+ mora oa Baana Monetofa, Itai+ mora oa Ribai oa Gibea oa bara ba Benjamine, 30 Benaia+ Mopirathone, Hidai oa liphuleng tsa melapo e phoroselang tsa Gashe,+31 Abi-albone Moaraba, Azmavethe+ Mobare-hume, 32 Eliaba Moshalbone, bara ba Jashene, Jonathane,+ 33 Shama Moharare, Akiame+ mora oa Sharare Moharare, 34 Elifelete mora oa Ahasabai mora oa Momakathe, Eliame mora oa Akitofele+ Mogilone, 35 Hezro+ Mokarmele, Parai Moarabe, 36 Igale mora oa Nathane+ oa Zoba, Bani Mogade, 37 Zeleke+ Moammone, Naharai Mobeerothe, bajari ba lihlomo ba Joabe mora oa Tseruja, 38 Ira Moithere,+ Garebe+ Moithere, 39 Uria+ Mohethe—kaofela ba mashome a mararo a metso e supileng.