1 Marena
12 Roboame+ a ea Shikeme,+ kaha Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho mo etsa morena. 2 Eitse hang ha Jeroboame+ mora oa Nebate a utloa ka hona ha a sa ntse a le Egepeta (hobane o ne a balehile ka lebaka la Morena Solomone, e le hore Jeroboame a ka lula Egepeta),+ 3 joale ba romeletsa ’me ba mo bitsa. Ka mor’a moo Jeroboame le phutheho eohle ea Iseraele ba tla ’me ba qala ho bua le Roboame, ba re:+ 4 “Ntat’ao o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima, joale bebofatsa+ tšebeletso e boima ea ntat’ao le joko+ ea hae e boima eo a e behileng holim ’a rōna, ’me re tla u sebeletsa.”+
5 A re ho bona: “Tsamaeang matsatsi a mararo ’me le khutlele ho ’na.”+ Kahoo batho ba tsamaea. 6 Morena Roboame a qala ho rerisana le banna ba baholo+ ba neng ba tsoetse pele ho sebeletsa ntat’ae Solomone ha a sa ntse a phela, a re: “Le eletsa hore batho baa ba arajoe joang?”+ 7 Ka lebaka leo ba bua le eena, ba re: “Haeba kajeno u tla ba mohlanka oa batho bana ’me u ba sebeletse,+ u tla ba araba ’me u bue le bona ka mantsoe a molemo;+ ba tla tlameha ho ba bahlanka ba hao kamehla.”+
8 Leha ho le joalo, a tlohela keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo elelitse ka eona, ’me a qala ho rerisana le bahlankana ba neng ba hōtse le eena,+ ba neng ba mo sebeletsa.+ 9 A tsoela pele ho re ho bona: “Le fana ka keletso efe+ e le hore re ka araba batho baa ba buileng le ’na, ba re, ‘Bebofatsa joko eo ntat’ao a e behileng holim ’a rōna’?”+ 10 Eaba bahlankana ba neng ba hōtse le eena ba bua le eena, ba re: “Sena ke seo u lokelang ho se bolella+ batho bana ba buileng le uena, ba re, ‘Ntat’ao, o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima, empa, ha e le uena, e bebofatse holim ’a rōna’; sena ke seo u lokelang ho ba bolella sona, ‘Ka sebele monoana oa ka o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la Ntate.+ 11 Joale Ntate o le jarisitse joko e boima; empa ke tla eketsa jokong+ ea lōna. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.’”+
12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro, feela joalokaha morena a ne a buile, a re: “Khutlelang ho ’na ka letsatsi la boraro.”+ 13 Morena a qala ho araba batho ka thata,+ ’me a tlohela keletso ea banna ba baholo ba neng ba mo elelitse.+ 14 A tsoela pele ho bua le bona ho ea ka keletso ea bahlankana bao,+ a re: “Ntate o ile a etsa hore joko ea lōna e be boima, empa ke tla eketsa jokong ea lōna. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.”+ 15 Morena ha aa ka a mamela batho,+ hobane litaba li bile joalo ka tšusumetso ea Jehova,+ e le hore a ka phetha lentsoe+ la hae leo Jehova a neng a le buile ka Akija+ Moshilo ho Jeroboame mora oa Nebate.
16 Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o ne a sa ba mamela, joale sechaba sa araba morena, sa re: “Re na le kabelo efe ho Davida?+ Ha ho na lefa ho mora oa Jese. Lōna Baiseraele, e-eang ho melimo+ ea lōna. Joale iponele ntlo ea hao, Uena Davida!”+ Baiseraele ba qala ho ea litenteng tsa bona. 17 Ha e le bara ba Iseraele ba neng ba lula metseng ea Juda, Roboame a tsoela pele ho ba busa.+
18 Ka mor’a moo Morena Roboame a romela Adorame,+ ea neng a okametse ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang,+ empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe,+ hoo a ileng a shoa. Morena Roboame a khona ho hloella koloing ho balehela Jerusalema. 19 Baiseraele ba tsoela pele ho fetohela+ ntlo ea Davida ho fihlela letsatsing lena.+
20 Eitse hang ha Baiseraele bohle ba utloa hore Jeroboame o khutlile, hang-hang ba romeletsa ’me ba mo bitsetsa phuthehong eaba ba mo etsa morena oa Baiseraele bohle.+ Ha ho le ea mong eo e ileng ea e-ba molateli oa ntlo ea Davida haese moloko oa Juda o le mong.+
21 Ha Roboame a fihla Jerusalema,+ kapele-pele a phutha bohle ba ntlo ea Juda le moloko oa Benjamine,+ banna ba khethehileng ba likete tse lekholo le mashome a robeli ba shahlileng bakeng sa ntoa, hore ba loantše ba ntlo ea Iseraele, e le hore a khutlisetse borena ho Roboame mora oa Solomone. 22 Joale lentsoe la Molimo oa ’nete la tla ho Shemaia+ monna oa Molimo oa ’nete,+ la re: 23 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda le ho bohle ba ntlo ea Juda le Benjamine le batho ba bang kaofela, 24 ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna bara ba Iseraele.+ E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”’”+ Kahoo ba mamela lentsoe la Jehova,+ ’me ba khutlela hae ho ea ka lentsoe la Jehova.+
25 Jeroboame a haha Shikeme+ sebakeng se lithaba sa Efraime ’me a lula teng. Joale a tloha moo ’me a haha Penuele.+ 26 Jeroboame a qala ho re ka pelong:+ “Joale ’muso o tla khutlela ntlong ea Davida.+ 27 Haeba sechaba sena se tsoela pele ho nyoloha ho ea etsa mahlabelo ka tlung ea Jehova Jerusalema,+ lipelo tsa batho bana le tsona li tla tlameha ho khutlela ho khosi ea bona, Roboame morena oa Juda; ka sebele ba tla mpolaea+ ’me ba khutlele ho Roboame morena oa Juda.” 28 Ka lebaka leo morena a tšoara therisano+ eaba o etsa manamane+ a mabeli a khauta ’me o re ho batho: “Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa,+ Uena Iseraele, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.”+ 29 Joale a beha e ’ngoe Bethele,+ ’me e ’ngoe a e beha Dane.+ 30 Ntho ena ea e-ba sesosa sa sebe,+ ’me batho ba qala ho ea ka pel’a e ’ngoe ho ea fihla Dane.
31 A qala ho etsa ntlo ea libaka tse phahameng+ ’me a etsa baprista ho tsoa ho batho ka kakaretso, bao e neng e se bara ba Levi.+ 32 Jeroboame a etsa mokete ka khoeli ea borobeli ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli, joaloka mokete o neng o le Juda,+ e le hore a ka etsa linyehelo holim ’a aletare eo a neng a e entse Bethele, ho hlabela manamane ao a neng a a entse; a beha tšebeletsong baprista ba libaka tse phahameng Bethele+ tseo a neng a li entse. 33 A qala ho etsa linyehelo holim ’a aletare eo a neng a e entse Bethele ka letsatsi la leshome le metso e mehlano ka khoeli ea borobeli, ka khoeli eo a neng a iqapetse eona;+ a etsetsa bara ba Iseraele mokete le ho etsa linyehelo holim ’a aletare ho etsa mosi oa sehlabelo.+