1 Marena
16 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Jehu+ mora oa Hanani+ khahlanong le Basha, la re: 2 “Kahobane ke u phahamisitse lerōleng+ e le hore nka u etsa moeta-pele holim ’a sechaba sa ka sa Iseraele,+ empa u qalile ho tsamaea ka tsela ea Jeroboame+ kahoo ua etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se etse sebe ka ho ntšiteloa ka libe tsa sona,+ 3 bona! ke fiela Basha le ba ntlo ea hae ka ho feletseng, ’me ka sebele ke tla etsa hore ba ntlo ea hae ba be joaloka ba ntlo ea Jeroboame mora oa Nebate.+ 4 Mang kapa mang oa Basha ea shoelang motseng lintja li tla mo ja; mang kapa mang oa hae ea shoelang naheng linonyana tsa maholimo li tla mo ja.”+
5 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Basha le tseo a li entseng le matla a hae, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 6 Qetellong Basha a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa Tirza;+ mora oa hae Ela a qala ho busa sebakeng sa hae. 7 Lentsoe la Jehova le ne le tlile ka Jehu mora oa moprofeta Hanani, khahlanong le Basha le ba ntlo+ ea hae, ka lebaka la bobe bohle boo a bo entseng mahlong a Jehova ka ho mo siteloa+ ka mosebetsi oa matsoho+ a hae, e le hore ba ka ba joaloka ba ntlo ea Jeroboame, le kahobane a mo bolaile.+
8 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e tšeletseng sa Asa morena oa Juda, Ela mora oa Basha ea e-ba morena oa Iseraele Tirza ka lilemo tse peli. 9 Mohlanka oa hae Zimri+ mookameli oa halofo ea likoloi a qala ho mo rerela bolotsana, ha a ntse a le Tirza a noa+ hore a tahoe ntlong ea Arza, ea neng a okametse lelapa+ Tirza. 10 Zimri a kena ’me a mo otla a mo bolaea+ ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa Asa morena oa Juda, eaba o qala ho busa sebakeng sa hae. 11 Eitse ha a qala ho busa, hang ha a lula teroneng ea hae, a bolaea bohle ba ntlo ea Basha. Ha aa ka a siea mang kapa mang oa hae ea ntšetsang metsi lerakong+ kapa bapheteletsi ba hae ba mali+ kapa metsoalle ea hae. 12 Kahoo Zimri a felisa bohle ba ntlo ea Basha,+ ho ea ka lentsoe leo Jehova+ a neng a le buile khahlanong le Basha ka moprofeta Jehu,+ 13 ka lebaka la libe tsohle tsa Basha le libe tsa mora oa hae Ela+ tseo ka tsona ba neng ba sitiloe le tseo ka tsona ba neng ba entse hore Baiseraele ba sitoe ka ho khopisa Jehova Molimo oa Iseraele ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela.+ 14 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Ela le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele?
15 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa Asa morena oa Juda, Zimri ea e-ba morena ka matsatsi a supileng+ Tirza, ha batho ba ntse ba hlomme liahelo khahlanong le Gibethone,+ eo e neng e le ea Bafilista. 16 Ka mor’a nako batho ba neng ba hlomme liahelo ba utloa ho thoe: “Zimri o rerile bolotsana ’me o bolaile morena.” Kahoo Baiseraele bohle ba etsa Omri,+ molaoli oa lebotho, morena oa Iseraele letsatsing leo liahelong. 17 Joale Omri hammoho le Baiseraele bohle ba nyoloha Gibethone ’me ba qala ho thibella+ Tirza. 18 Eitse hang ha Zimri a bona hore motse o hapuoe, joale a kena ka toreng ea bolulo ea ntlo ea morena ’me a icheselletsa le ntlo ea morena ka mollo, hoo a ileng a shoa,+ 19 ka lebaka la libe tsa hae tseo ka tsona a neng a sitiloe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova+ ka ho tsamaea tseleng ea Jeroboame le sebeng sa hae seo a ileng a se etsa ka ho etsa hore Baiseraele ba sitoe.+ 20 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Zimri le morero oa hae oa bolotsana oo ka oona a neng a rerile bolotsana, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele?
21 Joale sechaba sa Iseraele sa qala ho ikarola likarolo tse peli.+ Ho ne ho e-na le karolo e ’ngoe ea sechaba e ileng ea e-ba balateli ba Tibni mora oa Ginathe, ho mo etsa morena, ’me karolo e ’ngoe e le balateli ba Omri. 22 Qetellong sechaba se neng se latela Omri sa hlōla sechaba se neng se latela Tibni mora oa Ginathe; hoo Tibni a ileng a shoa, ’me Omri a qala ho busa.
23 Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa morena oa Juda, Omri ea e-ba morena oa Iseraele ka lilemo tse leshome le metso e ’meli. A busa ka lilemo tse tšeletseng Tirza. 24 A reka thaba ea Samaria ho Shemere ka litalenta tse peli tsa silevera, ’me a qala ho haha thabeng le ho reha motse oo a neng a o hahile lebitso la Shemere mong’a thaba eo, Samaria.+ 25 Omri a ’na a etsa se sebe mahlong a Jehova eaba o etsa ho hobe ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho eena.+ 26 A qala ho tsamaea tseleng eohle ea Jeroboame mora oa Nebate+ le sebeng sa hae seo ka sona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe ka ho halefisa Jehova Molimo oa Iseraele ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela.+ 27 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Omri, seo a se entseng le matla a hae ao a ileng a etsa ka ’ona, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 28 Qetellong Omri a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa Samaria; mora oa hae Akabe+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
29 Ha e le Akabe mora oa Omri, ea e-ba morena oa Iseraele ka selemo sa mashome a mararo a metso e robeli sa Asa morena oa Juda; Akabe mora oa Omri a tsoela pele ho busa Baiseraele Samaria+ ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli. 30 Akabe mora oa Omri a etsa ho hobe mahlong a Jehova ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho eena.+ 31 Joalokaha eka e ne e le ntho e sa reng letho+ ho hang ho eena ho tsamaea libeng tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, joale a nka Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ hore e be mosali+ oa hae ’me a qala ho ea le ho sebeletsa Baale+ le ho mo inamela. 32 Ho ekelletsa moo, a hlomela Baale aletare ka tlung+ ea Baale eo a e hahileng Samaria. 33 Akabe a tsoela pele ho etsa palo e halalelang;+ Akabe a etsa ho eketsehileng ho siteloa+ Jehova Molimo oa Iseraele ho feta marena ’ohle a Iseraele a neng a bile teng pele ho eena.
34 Matsatsing a hae Hiele Mobethele a haha Jeriko. A beha motheo oa eona ka ho lahleheloa ke letsibolo la hae Abirame, ’me a emisa mamati a eona ka ho lahleheloa ke ngoana oa hae e monyenyane Segube, ho ea ka lentsoe leo Jehova a le buileng ka Joshua mora oa Nune.+