2 Marena
23 Joale morena a romeletsa ’me ba bokellela banna bohle ba baholo ba Juda le Jerusalema ho eena.+ 2 Ka mor’a moo morena a nyolohela ntlong ea Jehova, hammoho le banna bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista+ le baprofeta le sechaba sohle, ho tloha ho ba banyenyane ho ea ho ba baholo;+ a qala ho bala+ moo ba ntseng ba utloa mantsoe ’ohle a buka+ ea selekane+ e neng e fumanoe ka tlung ea Jehova.+ 3 Morena a ’na a ema haufi le tšiea+ ’me joale a hlaba selekane+ ka pel’a Jehova, hore a latele+ Jehova ’me a boloke litaelo+ tsa hae le bopaki+ ba hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng+ ka pelo+ eohle le ka moea+ oohle ka ho phetha mantsoe a selekane sena a ngotsoeng bukeng ena.+ Ka lebaka leo sechaba sohle sa ema selekaneng seo.+
4 Morena a tsoela pele ho laela moprista ea phahameng Hilkia+ le baprista ba boemo ba bobeli le balebeli ba menyako+ hore ba ntše tempeleng ea Jehova lisebelisoa tsohle tse etselitsoeng Baale+ le palo e halalelang+ le makhotla ’ohle a maholimo.+ Joale a li chesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a Kidrone,+ ’me a tlisa molora oa tsona Bethele.+ 5 A leleka mosebetsing baprista ba melimo esele, bao marena a Juda a neng a ba behile e le hore ba ka etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng metseng ea Juda le libakeng tse potolohileng Jerusalema, le ba etsetsang Baale+ mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.+ 6 Ho feta moo, a ntša palo e halalelang+ ntlong ea Jehova a e isa mathōkong a Jerusalema, phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone, ’me a e chesetsa+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone ’me a e sila hore e be molora ’me a lahlela molora oa eona sebakeng sa lepato+ sa bara ba batho. 7 Ho ekelletsa moo, a heletsa matlo a matekatse+ a banna a tempele a neng a le ka tlung ea Jehova, moo basali ba neng ba loha litempelana tsa tente bakeng sa palo e halalelang.
8 Joale a tlisa baprista bohle ba tsoang metseng ea Juda, e le hore a ka etsa hore libaka tse phahameng tseo baprista ba neng ba entse mosi oa sehlabelo ho tsona e be tse sa tšoaneleng borapeli, ho tloha Geba+ ho ea fihla Beerseba;+ a heletsa libaka tse phahameng tsa liheke tse neng li le monyako oa heke ea Joshua, mookameli oa motse, e neng e le ka ho le letšehali ha motho a kena hekeng ea motse. 9 Ke baprista+ ba libaka tse phahameng feela ba neng ba sa nyolohele aletareng ea Jehova Jerusalema, empa ba ne ba ja mahobe a sa lomosoang+ har’a barab’abo bona. 10 A etsa hore Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e be e sa tšoaneleng borapeli, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong+ ho Moloke.+ 11 Ho ekelletsa moo, a etsa hore lipere tseo marena a Juda a neng a li file letsatsi li khaotse ho kena ntlong ea Jehova ka kamore+ ea ho jela ea Nathane-meleke molaoli oa lekhotla, e neng e le mathuleng; a chesa likoloi tsa letsatsi+ mollong. 12 Morena a heletsa lialetare tse neng li le holim ’a marulelo a kamore e marulelong+ ea Akaze tseo marena a Juda a neng a li entse, le lialetare+ tseo Manase a neng a li entse mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova, ka mor’a moo a li silakanya moo, ’me a lahlela lerōle la tsona phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone. 13 Morena a etsa hore libaka tse phahameng tse neng li le ka pel’a+ Jerusalema, tse neng li le ka ho le letona ho Thaba ea Tšenyo, tseo Solomone+ morena oa Iseraele a neng a li hahetse Ashtorethe+ ntho e nyonyehang ea Basidone le Kemoshe+ ntho e nyonyehang ea Moabe le Milkome+ ntho e manyala ea bara ba Ammone, e be tse sa tšoaneleng borapeli. 14 A roba+ litšiea tse halalelang likoto ’me a tsoela pele ho rema lipalo tse halalelang eaba o tlatsa libaka tsa tsona ka masapo a batho. 15 A heletsa le aletare e neng e le Bethele,+ sebaka se phahameng seo Jeroboame+ mora oa Nebate, ea entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ a neng a se entse, esita le aletare eo le sebaka se phahameng. Joale a chesa sebaka se phahameng; a se sila hore e be lerōle ’me a chesa palo e halalelang.
16 Ha Josiase a reteleha, a bona libaka tsa lepato tse neng li le moo thabeng. Kahoo a romeletsa ’me a nka masapo libakeng tseo tsa lepato eaba o a chesetsa+ holim ’a aletare, e le hore a ka e etsa e sa tšoaneleng borapeli, ho ea ka lentsoe+ la Jehova leo monna oa Molimo oa ’nete a neng a le phatlalalitse,+ ea phatlalalitseng lintho tsena. 17 Joale a re: “Lejoe leo la lebitla leo ke le bonang ke’ng?” Eaba banna ba motse ba re ho eena: “Ke sebaka sa lepato+ sa monna oa Molimo oa ’nete ea neng a tsoa Juda+ ’me a phatlalatsa lintho tsena tseo u li entseng khahlanong le aletare ea Bethele.”+ 18 Kahoo a re: “A ke a phomole.+ Le se ke la lumella leha e le mang ho khathatsa masapo a hae.” Ka lebaka leo ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moprofeta+ ea neng a tsoa Samaria.
19 Hape Josiase a tlosa matlo+ ’ohle a libaka tse phahameng a neng a le metseng+ ea Samaria ao marena+ a Iseraele a neng a a hahetse ho baka khopiso,+ eaba o tsoela pele ho a etsa ho ea ka liketso tsohle tseo a neng a li entse Bethele.+ 20 Ka lebaka leo a etsa sehlabelo ka baprista+ bohle ba libaka tse phahameng ba neng ba le lialetareng ’me a chesa masapo a batho holim ’a tsona.+ Ka mor’a moo a khutlela Jerusalema.
21 Joale morena a laela batho bohle, a re: “Tšoarelang Jehova Molimo oa lōna paseka+ ho ea ka se ngotsoeng bukeng ena ea selekane.”+ 22 Etsoe ha ho paseka e kang ena e ileng ea tšoaroa ho tloha matsatsing a baahloli ba neng ba ahlotse Iseraele,+ kapa matsatsing ’ohle a marena a Iseraele le marena a Juda.+ 23 Empa ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Josiase paseka ena e ile ea tšoareloa Jehova Jerusalema.+
24 Hape Josiase a tlosa ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ le literafime+ le litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang le lintho tsohle tse nyonyehang+ tse neng li hlahile naheng ea Juda le Jerusalema e le hore a ka phetha mantsoe a molao+ a neng a ngotsoe bukeng+ eo moprista Hilkia a neng a e fumane ntlong ea Jehova.+ 25 Pele ho eena ha hoa ka ha e-ba le morena ea joaloka eena ea ileng a khutlela+ ho Jehova ka pelo ea hae eohle le ka moea+ oa hae oohle le ka mafolofolo a hae ’ohle, ho ea ka molao oohle oa Moshe; leha e le hore ka mor’a hae ho ile ha hlaha ea joaloka eena.
26 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a khutla bohaleng ba hae bo tukang, boo ka bona a ileng a tukela Bajuda+ ka lebaka la lintho tsohle tse halefisang tseo ka tsona Manase a neng a entse hore ba sitoe.+ 27 Empa Jehova a re: “Juda,+ le eona, ke tla e tlosa ponong ea ka,+ feela joalokaha ke tlositse Iseraele;+ ka sebele ke tla lahla motse ona oo ke o khethileng, eona Jerusalema, le ntlo eo ka eona ke itseng, ‘Lebitso la ka le tla hlola moo.’”+
28 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josiase le tsohle tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 29 Matsatsing a hae Faro Neko+ morena oa Egepeta a nyolohela ho morena oa Assyria ka nōka ea Eufrate,+ ’me Morena Josiase a ea ho mo khahlanyetsa;+ empa a mo bolaela+ Megido+ hang ha a mo bona. 30 Kahoo bahlanka ba hae ba mo tsamaisa a shoele ka koloi ho tloha Megido ’me ba mo tlisa Jerusalema+ ba mo pata lebitleng la hae. Joale batho ba naha ba nka Joakaze+ mora oa Josiase ba mo tlotsa ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae.
31 Joakaze+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 32 A qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.+ 33 Faro Neko+ a mo kenya litlamong+ Ribla+ naheng ea Hamathe, ho mo thibela ho busa Jerusalema, ’me a lefisa+ naha litalenta tsa silevera+ tse lekholo le talenta ea khauta.+ 34 Ho feta moo, Faro Neko a etsa Eliakime+ mora oa Josiase morena sebakeng sa ntat’ae Josiase ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime; a nka Joakaze a ntan’o mo tlisa Egepeta, moo qetellong a ileng a shoela teng.+ 35 Jojakime a fa Faro silevera+ le khauta. Ke naha feela eo a ileng a e lefisa lekhetho,+ hore a fane ka silevera ka taelo ea Faro. Ho ea ka tekanyetso ea lekhetho+ ea motho ka mong o ile a batla silevera le khauta ho batho ba naha, hore a e fe Faro Neko.
36 Jojakime+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Zebida morali oa Pedaia ea tsoang Ruma. 37 A tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.+