2 Likronike
20 Eitse ka mor’a moo bara ba Moabe+ le bara ba Ammone+ le ba bang ba Baamonime+ ba loantša+ Josafate. 2 Kahoo batho ba tla ’me ba bolella Josafate, ba re: “Bongata bo boholo, bo tsoang sebakeng sa leoatle, Edomo,+ bo u futuhetse; ke bane ba Hazazone-tamare, ke ho re, Ene-gedi.”+ 3 Eaba Josafate oa tšoha+ ’me o etsa hore sefahleho sa hae se batle Jehova.+ Kahoo a phatlalatsa hore Bajuda bohle ba itime lijo.+ 4 Qetellong ba Juda ba phutheha ho botsa Jehova.+ Ba tla ho tla batla keletso ho Jehova+ esita le ho tsoa metseng eohle ea Juda.
5 Joale Josafate a ema phuthehong ea Juda le ea Jerusalema ka tlung ea Jehova+ ka pel’a lebala+ le lecha, 6 ’me a re:+
“Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba rōna, na ha u Molimo maholimong,+ ’me na ha u laole mebuso eohle ea lichaba,+ ’me na ha ho na matla le bonatla letsohong la hao, hoo ho seng ea ka emang a tiile khahlanong le uena?+ 7 Molimo oa rōna,+ na ha ua ka ua leleka baahi ba naha ee hore ba tlohe ka pel’a sechaba sa hao sa Iseraele+ ’me joale ua e fa+ peō ea Abrahama, ea u ratang,+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang? 8 Ba ile ba lula ho eona, ba hahela lebitso+ la hao sehalalelo ho eona, ba re, 9 ‘Haeba re ka tleloa ke tlokotsi,+ sabole, kahlolo e bohale, kapa lefu la seoa+ kapa tlala,+ e-re re eme ka pel’a ntlo+ ena le ka pel’a hao (etsoe lebitso+ la hao le ka tlung ena), e le hore re ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso mahlomoleng a rōna, ’me e se eka u ka utloa le ho pholosa.’+ 10 Joale bona! bara ba Ammone,+ le Moabe+ le sebaka se lithaba sa Seire,+ bao u sa kang ua lumella Baiseraele ho ba futuhela ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta, empa ba ba furalla ’me ba se ke ba ba felisa,+ 11 e, bona! ba re putsa+ ka ho tla re leleka letlotlong la hao leo u entseng hore re le rue.+ 12 Molimo oa rōna, na u ke ke ua phethahatsa kahlolo holim ’a bona?+ Etsoe ha re na matla ka pel’a bongata bona bo boholo bo re futuhelang;+ ha re tsebe seo re tšoanelang ho se etsa,+ empa mahlo a rōna a talimile ho uena.”+
13 Nakong eo eohle ba Juda kaofela ba ne ba eme ka pel’a Jehova,+ esita le bana ba bona ba banyenyane,+ basali ba bona le bara ba bona.
14 Joale ha e le Jahaziele mora oa Zakaria mora oa Benaia mora oa Jeiele mora oa Matania Molevi oa bara ba Asafe,+ moea+ oa Jehova oa e-ba holim ’a hae bohareng ba phutheho. 15 Ka lebaka leo a re: “Elang hloko, Bajuda bohle le lōna baahi ba Jerusalema le Morena Josafate! Sena ke seo Jehova a le boleletseng sona, ‘Le se ke la tšoha+ kapa la haroha letsoalo ka lebaka la bongata bona bo boholo; kaha ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo.+ 16 Hosasane le ba futuhele. Bonang! ba tla ka lekhalo la Zize; ka sebele le tla ba fumana pheletsong ea phula ea molapo o phoroselang ka pel’a lefeella la Jeruele. 17 Ho ke ke ha hlokahala hore le loane+ lekhetlong lena. Emang+ ’me le bone poloko+ ea Jehova molemong oa lōna. Lōna Bajuda le ba Jerusalema, le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo.+ Hosasane le ba futuhele, ’me Jehova o tla ba le lōna.’”+
18 Hang-hang Josafate a inamela fatše+ ka sefahleho, ’me Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba itihela fatše ka pel’a Jehova ho inamela Jehova.+ 19 Joale Balevi+ ba bara ba Bakohathe+ le ba bara ba Bakora+ ba ema hore ba rorise Jehova Molimo oa Iseraele ka mantsoe a phahameng ka ho sa tloaelehang.+
20 Ba tsoha hoseng haholo ’me ba tsoela lefeelleng+ la Tekooa.+ Ha ba tsoa, Josafate a ema ’me a re: “Nkutloeng, Lōna Bajuda le lōna baahi ba Jerusalema!+ Behang tumelo+ ho Jehova Molimo oa lōna e le hore le ka hlola halelele. Behang tumelo ho baprofeta+ ba hae kahoo le atlehe.”
21 Ho ekelletsa moo, a rerisana+ le batho ’me a emisa ba binelang+ Jehova le ba fanang ka thoriso+ ka mokhabo+ o halalelang ha ba tsoa ba eteletse pele banna+ ba hlometseng, ’me ba re: “Fanang ka thoriso ho Jehova,+ etsoe mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
22 Ka nako eo ba qalang ka mohoo oa thabo le thoriso, Jehova a beha banna hore ba lalle+ bara ba Ammone, ba Moabe le ba sebaka se lithaba sa Seire ba neng ba tla Juda, eaba ba qala ho hlabana.+ 23 Bara ba Ammone le Moabe ba loantša baahi ba sebaka se lithaba sa Seire+ hore ba ba nehele timetso le ho ba felisa; hang ha ba qetile ka baahi ba Seire, ba thusana hore e mong le e mong a felise oa habo.+
24 Empa ha e le Bajuda, ba fihla toreng ea ho lebela ea lefeella.+ Ha ba retelletsa lifahleho nģeng ea bongata, litopo tsa bona li ne li oetse fatše+ ho se leha e le mang ea phonyohang. 25 Kahoo Josafate le batho ba hae ba tla ho tla tlatlapa thepa e hapuoeng+ ho bona, ’me har’a bona ba fumana thepa hammoho le liaparo le lintho tse ngata tse lakatsehang; ba inkela tsona ho fihlela ba ke ke ba hlola ba nka tse eketsehileng.+ Ea e-ba matsatsi a mararo ba ntse ba tlatlapa thepa e hapuoeng, kaha e ne e le ngata. 26 Ka letsatsi la bone ba phutheha khohlong ea Beraka, etsoe ba ile ba boka Jehova moo.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba reha sebaka seo lebitso+ la Khohlo ea Beraka—ho fihlela kajeno.
27 Joale banna bohle ba Juda le Jerusalema ba khutla, Josafate a ba eteletse pele, hore ba khutlele Jerusalema ka thabo, kaha Jehova o ne a ba thabisitse ka lebaka la lira tsa bona.+ 28 Kahoo ba tla Jerusalema ka liletsa tse likhoele+ le ka liharepa+ le ka literompeta+ ntlong ea Jehova.+ 29 Ho tšaba+ Molimo ha tlela mebuso eohle ea linaha ha e utloa hore Jehova o loantšitse lira tsa Iseraele.+ 30 Kahoo sebaka se pusong ea Josafate sa se ke sa e-ba le khathatso, ’me Molimo oa hae a tsoela pele ho mo fa phomolo ka hohle.+
31 Josafate+ a tsoela pele ho busa Juda. O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Azuba+ morali oa Shilhi. 32 A ’na a tsamaea tseleng ea ntat’ae Asa,+ ’me ha aa ka a e kheloha, ka hore a etse se nepahetseng mahlong a Jehova.+ 33 Ke libaka tse phahameng+ feela tse sa kang tsa nyamela; batho ba ne ba e-s’o lokisetse Molimo oa baholo-holo ba bona lipelo tsa bona.+
34 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josafate, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe har’a mantsoe a Jehu+ mora oa Hanani,+ a ileng a kenngoa Bukeng+ ea Marena a Iseraele. 35 Ka mor’a sena Josafate morena oa Juda a ba le selekane le Akazia+ morena oa Iseraele, ea ileng a etsa bokhopo.+ 36 Kahoo a mo etsa molekane oa hae bakeng sa ho etsa likepe tse eang Tarshishe+ ’me ba etsa likepe Ezione-gebere.+ 37 Leha ho le joalo, Eliezere mora oa Dodavahu oa Maresha a bua ka tsela ea boprofeta khahlanong le Josafate, a re: “Kahobane u bile le selekane le Akazia,+ ka sebele Jehova o tla senya mesebetsi ea hao.”+ Ka lebaka leo likepe tsa soahlamana,+ ’me ha lia ka tsa e-ba le matla a ho ea Tarshishe.+