2 Likronike
35 Joale Josiase+ a tšoarela Jehova paseka+ Jerusalema ’me ba hlaba phofu+ ea paseka ka letsatsi la leshome le metso e mene+ la khoeli ea pele.+ 2 Kahoo a emisa baprista linthong tse tlas’a tlhokomelo+ ea bona ’me a ba khothatsa+ tšebeletsong ea ntlo ea Jehova.+ 3 A tsoela pele ho re ho Balevi, barupeli+ ba Baiseraele bohle, ba halalelang ho Jehova: “Kenyang Areka e halalelang+ ka tlung+ eo Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele a e hahileng; ha e sa tla ba moroalo mahetleng a lōna.+ Joale sebeletsang+ Jehova Molimo oa lōna le sechaba sa hae sa Iseraele. 4 Le etse tokisetso ka matlo a baholo-holo+ ba lōna ho ea ka lihlopha+ tsa lōna, ka se ngotsoeng+ ke Davida morena oa Iseraele le ka se ngotsoeng+ ke mora oa hae Solomone. 5 Le eme+ sebakeng se halalelang ka lihlopha tsa matlo a baholo-holo bakeng sa barab’abo lōna, bara ba sechaba, le karolo ea malapa a habo ntate+ a Balevi.+ 6 Le hlabe phofu ea paseka+ le ho ikhalaletsa+ ’me le etse tokisetso bakeng sa barab’abo lōna hore ba etse ho ea ka lentsoe la Jehova ka Moshe.”+
7 Joale Josiase a nehelana ka mehlape ea likhutšoane ho batho, likonyana tse tona le lipotsanyane tse tona, kaofela e le bakeng sa liphofu tsa paseka bakeng sa bohle ba neng ba ka fumanoa, ho isa palong ea tse likete tse mashome a mararo, le likhomo, tse likete tse tharo.+ Tsena li ne li tsoa thepeng ea morena.+ 8 Likhosana+ tsa hae tsa etsa monehelo e le nyehelo ea boithaopo bakeng sa batho,+ bakeng sa baprista le bakeng sa Balevi. Hilkia+ le Zakaria le Jehiele joaloka baeta-pele ba ntlo ea Molimo oa ’nete ba fa baprista liphofu tsa paseka tse likete tse peli le makholo a tšeletseng, le likhomo tse makholo a mararo. 9 Konania le Shemaia le Nethaniele barab’abo le Hashabia le Jeiele le Jozabade, baokameli ba Balevi, ba nehelana ka liphofu tsa paseka tse likete tse hlano, le likhomo tse makholo a mahlano ho Balevi.
10 Tšebeletso ea lokisoa+ ’me baprista ba ’na ba ema+ libakeng+ tsa bona, le Balevi ka lihlopha tsa bona,+ ho ea ka taelo ea morena.+ 11 Ba hlaba phofu ea paseka+ ’me baprista+ ba fafatsa+ mali a matsohong a bona, ha Balevi ba ntse ba bua.+ 12 Ho ekelletsa moo, ba lokisa linyehelo tsa secheso e le hore ba ka li fa lihlopha+ ka lelapa la habo ntate,+ bara ba sechaba, e le ho etsa nyehelo+ ho Jehova ho ea ka se ngotsoeng bukeng ea Moshe;+ ha etsoa ka tsela ena le ka likhomo. 13 Ba qala ho pheha+ nyehelo ea paseka+ mollong ho ea ka tloaelo; lintho tse halalelitsoeng ba li phehela+ ka lipitseng le ka lipitseng tse chitja ka tlaase le ka likotlolong tsa mokete, ka mor’a moo ba e tlisa kapele ho bara bohle ba sechaba.+ 14 Ka mor’a moo ba itokisetsa ’me ba lokisetsa le baprista,+ hobane baprista bara ba Arone ba ne ba nyehela mahlabelo a secheso+ le likarolo tse nonneng+ ho fihlela bosiu, ’me Balevi ba ile ba itokisetsa,+ ’me ba lokisetsa le baprista bara ba Arone.
15 Libini+ bara ba Asafe+ li ne li le mosebetsing oa tsona ho ea ka taelo ea Davida+ le ea Asafe+ le ea Hemane+ le ea Jeduthune+ ea bonang lipono+ bakeng sa morena; balebeli ba liheke+ ba ne ba le lihekeng tse fapaneng.+ Ho ne ho sa hlokahale hore ba tlohele tšebeletso ea bona, hobane barab’abo bona Balevi ba ile ba ba lokisetsa.+ 16 Tšebeletso eohle ea Jehova ea lokisoa letsatsing leo hore ho tšoaroe paseka+ le ho nyehela linyehelo tsa secheso aletareng ea Jehova, ho ea ka taelo ea Morena Josiase.+
17 Bara ba Iseraele ba neng ba ka fumanoa ba tšoara paseka+ nakong eo hammoho le mokete oa mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng.+ 18 Le ka mohla ho ne ho e-s’o tšoaroe paseka e tšoanang le eona Iseraele ho tloha matsatsing a moprofeta Samuele,+ leha e le hore ofe kapa ofe oa marena+ a mang a Iseraele o ne a ile a tšoara paseka e tšoanang le eo Josiase le baprista le Balevi le Bajuda bohle le Baiseraele ba neng ba ka fumanoa, le baahi ba Jerusalema ba ileng ba e tšoara. 19 Paseka ena e ile ea tšoaroa ka selemo sa leshome le metso e robeli sa puso ea Josiase.+
20 Ka mor’a sena sohle ha Josiase a lokisitse ntlo, Neko+ morena oa Egepeta+ a tla ho loantša Karkemishe+ Eufrate. Joale Josiase+ a tsoa ho ea teana le eena.+ 21 Eaba o romela manģosa ho eena, o re: “Taba ea ka le uena ke efe, Uena morena oa Juda? Kajeno ha ke futuhele uena, empa ke loantša ntlo e ’ngoe le eo Molimo a itseng ke e bakele pherekano. Tlohela ka lebaka la Molimo, ea nang le ’na, ’me u se ke ua etsa hore a u felise.”+ 22 Josiase ha aa ka a mo furalla,+ empa a ikhakanya+ e le hore a mo loantše ’me ha aa ka a mamela mantsoe a Neko+ a tsoang molomong oa Molimo. Kahoo a tla ho tla loana thoteng ea Megido.+
23 Ba fulang+ ba fula Morena Josiase, hoo morena a ileng a re ho bahlanka ba hae: “Ntheoleng, etsoe ke ntšitsoe maqeba a mabe haholo.”+ 24 Ka lebaka leo bahlanka ba hae ba mo theola koloing ’me ba mo palamisa koloing ea hae ea bobeli ea ntoa eaba ba mo tlisa Jerusalema.+ Kahoo a shoa+ ’me a patoa mabitleng a baholo-holo+ ba hae; Bajuda bohle le ba Jerusalema ba ne ba siame+ ka lebaka la Josiase. 25 Jeremia+ a qala ho binela+ Josiase; libini tsohle tsa banna le libini tsa basali+ tsa ’na tsa bua ka Josiase lipineng tsa tsona tsa koli-ea-malla ho fihlela kajeno; ba ho behile e le molao oa tsamaiso Iseraele, ’me li ngotsoe har’a lipina tsa koli-ea-malla.+
26 Ha e le litaba+ tse ling kaofela tsa Josiase le liketso tsa hae tsa mosa o lerato,+ ho ea ka se ngotsoeng molaong+ oa Jehova, 27 le litaba tsa hae, tsa pele le tsa ho qetela,+ li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda.