2 Likronike
7 Joale hang ha Solomone a qetile ho rapela,+ mollo oa theoha maholimong+ ’me oa chesa nyehelo ea secheso+ le mahlabelo, ’me khanya+ ea Jehova ea tlala ntlo. 2 Baprista ba ne ba sa khone ho kena ka tlung ea Jehova+ hobane khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova. 3 Bara bohle ba Iseraele ba ne ba shebeletse ha mollo o theoha ’me khanya ea Jehova e le holim ’a ntlo, ’me kapele-pele ba inamela+ fatše ka lifahleho sebakeng se katiloeng ’me ba khumama+ ba leboha Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
4 Morena le batho bohle ba ne ba nyehela sehlabelo ka pel’a Jehova.+ 5 Morena Solomone a tsoela pele ho nyehela sehlabelo sa likhomo tse likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli le linku tse likete tse lekholo le mashome a mabeli.+ Kahoo morena le batho bohle ba khakola+ ntlo ea Molimo oa ’nete. 6 Baprista+ ba ne ba eme likabelong tsa bona tsa mosebetsi, le Balevi+ ka liletsa tsa ho binela+ Jehova tseo Morena Davida+ a neng a li etselitse ho leboha Jehova, “etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” ha Davida a ne a fana ka thoriso ka matsoho a bona; baprista ba ne ba letsetsa literompeta+ holimo ka pel’a bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.
7 Joale Solomone a halaletsa+ bohare ba lebala le neng le le ka pel’a ntlo ea Jehova, kahobane moo o ne a etsa linyehelo tsa secheso+ le likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a kopanetsoeng, kaha aletare+ ea koporo eo Solomone a neng a e entse e ne e sa khone ho lekana nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo+ le likarolo tse nonneng.+ 8 Solomone a tšoara mokete+ nakong eo ka matsatsi a supileng, hammoho le Baiseraele bohle,+ phutheho+ e khōlō haholo ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho fihlela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta.+ 9 Empa ka letsatsi la borobeli ba tšoara seboka se hlomphehang,+ kahobane ba ne ba tšoere khakolo ea aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a supileng. 10 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e meraro la khoeli ea bosupa a re sechaba se tsamaee se ee malapeng a sona, se thabile+ ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong ka lebaka la molemo+ oo Jehova a neng a o etselitse Davida le Solomone le sechaba sa hae sa Iseraele.+
11 Kahoo Solomone a qeta ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena;+ Solomone a atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tlile pelong ea hae hore a e etse mabapi le ntlo ea Jehova le ntlo ea hae. 12 Joale Jehova a hlaha+ ho Solomone bosiu ’me a re ho eena: “Ke utloile thapelo+ ea hao, ’me ke ikhethetse+ sebaka sena e le ntlo ea mahlabelo.+ 13 Ha ke koala maholimo hore pula e se ke ea e-ba teng+ le ha ke laela marutle hore a je naha+ le haeba ke romela lefu la seoa har’a batho ba ka,+ 14 ’me batho+ ba ka ba ’nileng ba bitsoa ka lebitso+ la ka ba ikokobetsa+ le ho rapela+ le ho batla sefahleho+ sa ka ’me ba furalla litsela tsa bona tse mpe,+ joale ke tla utloa ke le maholimong+ ’me ke tšoarele sebe sa bona,+ ’me ke tla folisa naha ea bona.+ 15 Joale mahlo+ a ka a tla tutuboloha le litsebe+ tsa ka li mamelisise thapelo sebakeng sena. 16 Joale ke khetha+ le ho halaletsa ntlo ena e le hore lebitso+ la ka le ka ba moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka ka sebele li tla ba moo kamehla.+
17 “Haeba u tla tsamaea ka pel’a ka, feela joalokaha ntat’ao Davida+ a ile a tsamaea, esita le ka ho etsa ho ea ka sohle seo ke u laetseng+ sona, ’me u tla boloka melao ea ka ea tsamaiso+ le liqeto tsa ka tsa boahloli,+ 18 le ’na ke tla tiisa terone ea borena+ ba hao, feela joalokaha ke hlabile selekane le ntat’ao Davida,+ ka re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa hore a se ke a busa Iseraele.’+ 19 Empa haeba le furalla+ ’me le tlohela litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ le litaelo+ tsa ka tseo ke li behileng ka pel’a lōna, ’me le il’o sebeletsa melimo+ e meng le ho e inamela,+ 20 le ’na ke tla ba fothola naheng ea ka eo ke ba fileng eona;+ ntlo ena eo ke e halalelitseng+ bakeng sa lebitso la ka, ke tla e lahla ka pel’a sefahleho+ sa ka, ’me ke tla e etsa polelo ea maele+ le nyeliso har’a lichaba tsohle.+ 21 Ha e le ntlo ena e neng e fetohile liqubu tsa lithako,+ e mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala+ ’me ka sebele o tla re, ‘Ke ka lebaka la’ng ha Jehova a entse joalo naheng ee le ntlong ee?’+ 22 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa.+ Ke ka lebaka leo a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+