Esdrase
6 Joale Morena Dariuse a fana ka taelo, ’me ba batlisisa ka tlung ea litlaleho+ tsa matlotlo a behiloeng moo Babylona. 2 Ekbatana, sebakeng se etselitsoeng qhobosheane se neng se le profinseng ea Media,+ ho ile ha fumanoa moqolo, ’me ka har’a oona ho ne ho ngotsoe tlaleho e reng:
3 “Ka selemo sa pele sa Morena Cyruse,+ Morena Cyruse o ile a fana ka taelo malebana le ntlo ea Molimo e Jerusalema: Ntlo e ke e tsosolosoe hore e be sebaka seo ba lokelang ho nyehela mahlabelo ho sona,+ ’me metheo ea eona e lokela ho tiisoa, bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng,+ 4 hammoho le mela e meraro ea majoe a phikoloselitsoeng+ libakeng tsa ’ona le mola o le mong oa lifate;+ litšenyehelo li ke li fanoe ho tsoa ntlong ea morena.+ 5 Hape lijana+ tsa ntlo ea Molimo tsa khauta le silevera tseo Nebukadnezare+ a li ntšitseng ka tempeleng e neng e le Jerusalema ’me a li tlisa Babylona li ke li khutlisoe, e le hore li ka fihla tempeleng e Jerusalema sebakeng sa eona ’me li behoe ka tlung ea Molimo.+
6 “Joale Tatenai+ ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai+ le balekane ba bona, babusisi ba tlaasana+ ba ka ’nģane ho Nōka, suthelang hōle le moo.+ 7 Tlohelang+ mosebetsi o etsoang ntlong eo ea Molimo. ’Musisi oa Bajuda le banna ba baholo ba Bajuda ba tla tsosolosa ntlo eo ea Molimo sebakeng sa eona. 8 Ke fane ka taelo+ mabapi le seo le tla se etsa ka banna bana ba baholo ba Bajuda, bakeng sa hore ho tsosolosoe ntlo eo ea Molimo; polokelong ea matlotlo ea borena+ ea lekhetho la ka nģ’ane ho Nōka ho tla fanoa ka litšenyehelo ka potlako+ ho sa khaotsoe+ ho banna bana ba shahlileng. 9 Se hlokahalang, lipohoana+ hammoho le lipheleu+ le likonyana+ bakeng sa mahlabelo a secheso a Molimo oa leholimo, koro,+ letsoai,+ veine+ le oli,+ feela joalokaha baprista ba Jerusalema ba bolela, ba ke ba li fuoe ka ho tsoelang pele letsatsi le letsatsi ntle ho phoso; 10 e le hore ka ho tsoelang pele+ ba ka hlahisa linyehelo tse khahlisang+ ho Molimo oa maholimo ’me ba rapelle bophelo ba morena le ba bara ba hae.+ 11 Ke fane ka taelo ea hore, ha e le mang kapa mang ea tlōlang+ molao-taelo ona, ho tla ntšoa sefate+ ka tlung ea hae ’me o tla khokhotheloa+ ho sona, hape ntlo ea hae e tla fetoloa ntloana ea sechaba ka lebaka lena.+ 12 E se eka Molimo ea entseng hore lebitso la hae+ le lule moo a ka liha batho le morena leha e le ofe ea otlollang letsoho la hae ho etsa tlōlo le ho senya+ ntlo eo ea Molimo, e Jerusalema. ’Na, Dariuse, ke fana ka taelo. E ke e phethoe ka potlako.”
13 Joale Tatenai ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai+ le balekane ba bona, feela joalokaha Morena Dariuse a ne a rometse taelo, ba etsa joalo ka potlako. 14 Banna ba baholo+ ba Bajuda ba ne ba ntse ba haha+ ebile ba hatela pele tlas’a boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria+ setloholo sa Ido,+ ’me ba e haha le ho e phetha ka lebaka la taelo ea Molimo oa Iseraele+ le ka lebaka la taelo ea Cyruse+ le Dariuse+ le Artaxerxese+ morena oa Persia. 15 Ba phetha ntlo ena ka letsatsi la boraro la khoeli ea Adare,+ ke hore, ka selemo sa botšelela sa puso ea Morena Dariuse.
16 Bara ba Iseraele, baprista le Balevi+ le ba bang kaofela ba kileng ba isoa kholehong+ ba tšoara tšebeletso ea khakolo+ ea ntlo ena ea Molimo ka thabo. 17 Bakeng sa khakolo ea ntlo ena ea Molimo ba hlahisa lipoho tse lekholo, lipheleu tse makholo a mabeli, likonyana tse makholo a mane, le liphooko tse leshome le metso e ’meli e le nyehelo ea sebe bakeng sa Baiseraele bohle, ho ea ka palo ea meloko ea Iseraele.+ 18 Ba beha baprista lihlopheng tsa bona le Balevi lihlopheng tsa bona,+ bakeng sa tšebeletso ea Molimo e Jerusalema, ho ea ka taelo ea buka ea Moshe.+
19 Ba kileng ba isoa kholehong ba tšoara paseka+ ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea pele.+ 20 Kaha baprista le Balevi ba ne ba itlhoekisitse+ e le sehlopha se le seng, kaofela ha bona ba ne ba hloekile, kahoo ba hlaba phofu ea paseka+ bakeng sa bohle ba kileng ba isoa kholehong le bakeng sa barab’abo bona baprista le bakeng sa bona. 21 Joale bara ba Iseraele ba neng ba khutlile Kholehong ba ja,+ le e mong le e mong ea neng a ikaroletse ho bona ho tloha ho se hloekeng+ ha lichaba tsa naha, ho batla Jehova Molimo oa Iseraele.+ 22 Ba tsoela pele ho tšoara mokete oa mahobe a sa lomosoang+ ka matsatsi a supileng ka thabo; etsoe Jehova o ile a etsa hore ba thabe, ’me o ne a retelelitse+ pelo ea morena oa Assyria ho bona ho matlafatsa matsoho a bona mosebetsing oa ntlo ea Molimo oa ’nete, Molimo oa Iseraele.