Jobo
11 Tsofare Monaama+ a araba a re:
2 “Na mantsoe a mangata a ke ke a arajoa,
Kapa moithorisi e tla ba ea nepileng?
3 Na puo ea hao ea lefeela e tla khutsisa batho,
Na u tla ’ne u ba fetole litšeho ho se mang kapa mang ea u khalemelang ka matla?+
6 Joale o ne a tla u bolella liphiri tsa bohlale,
Etsoe lintho tsa bohlale bo sebetsang li ngata.
Hape, u ne u tla tseba hore Molimo o lumella hore u leballoe tse ling tsa liphoso tsa hao.+
9 Bo bolelele ho feta lefatše ka tekanyo,
Bo pharaletse ho feta leoatle.
10 Haeba a fetela pele ’me a nehelana ka motho
A bitsa lekhotla, joale ke mang ea ka mo hanyetsang?
11 Etsoe o tseba batho ba se nang ’nete.+
Ha a bona se kotsi, na a ke ke a boela a iponahatsa e le ea elang hloko?
12 Esita le motho ea se nang kelello o tla fumana tšusumetso e ntle
Hang ha qoaha e kang esele e ka tsoaloa e le motho.
13 Ka sebele haeba u ka lokisa pelo ea hao
Ua otlollela matsoho a hao ho eena,+
14 Haeba se kotsi se le ka letsohong la hao, se suthisetse hōle,
Ho se loke ho se ke ha lula ka litenteng tsa hao.
15 Etsoe joale u tla phahamisa sefahleho sa hao u se na sekoli+
Ka sebele u tla tiea, ’me u ke ke ua tšaba.
16 Etsoe uena—u tla lebala khathatso;
U tla e hopola joaloka metsi a fetetseng pele.