Jobo
18 Bildade Moshuha a araba a re:
2 “Le tla qeta ho bua ka mor’a nako e telele hakae?
Le lokela ho utloisisa, e le hore ka mor’a moo re ka bua.
4 O rusolla moea oa hae likoto bohaleng ba hae.
Na lefatše le tla tloheloa ka lebaka la lōna,
Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?
10 O patetsoe thapo mobung,
O patetsoe sefi tseleng ea hae.
11 Ho pota-pota ka hohle, ka sebele matšabeho a tšohanyetso a etsa hore a qale ho tšoha,+
A mo lelekisa maotong a hae.
13 E tla ja likotoana tsa letlalo la hae;
Letsibolo la lefu le tla mo ja matsoho le maoto.
15 Ka tenteng ea hae ho tla lula ntho eo e seng ea hae;
Sebabole+ se tla hasanngoa sebakeng sa hae sa bolulo.
18 Ba tla mo sutumeletsa lefifing a tsoa leseling,
Ba tla mo leleka naheng e behang.
19 A ke ke a ba le litloholo le bana har’a batho ba habo,+
Ho ke ke ha e-ba le mophonyohi sebakeng seo a lulang ho sona ka bojaki.
20 Batho ba Bophirimela ba tla sheba letsatsi la hae ka ho makala,
Ka sebele batho ba Bochabela ba tla tšoaroa ke ho tlakasela.
21 Tsena feela ke litabernakele tsa mofosi,
Sena ke sebaka sa ea sa kang a tseba Molimo.”