Jobo
19 Jobo a araba a re:
2 “Le tla ’ne le halefise moea oa ka halelele hakae+
Le ho ’na le ntšithabetsa ka mantsoe?+
3 Le nkhalemetse ka matla ka makhetlo ana a leshome;
Ha le hlajoe ke lihlong hore ebe le nkhahlapetsa hakana.+
5 Haeba kannete le ikhohomosetsa ’na,+
Le bontša nyeliso ea ka e le e loketseng khahlanong le ’na,+
6 Joale, tsebang hore Molimo o nkhelositse,
O nkoahetse ka letlooa la hae la ho tsoma.+
7 Bonang! Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Pefo!’ empa ha ke fumane karabo;+
Ke ntse ke hoeletsa ho kōpa thuso, empa ha ho na toka.+
10 O nkheletsa ka mahlakoreng ’ohle, ’me kea tsamaea;
O fothola tšepo ea ka feela joaloka sefate.
12 Lihlopha tsa hae tsa masole li tla li kopane ’me li haha tsela ea tsona khahlanong le ’na,+
Li hloma liahelo ho pota-pota tente ea ka.
14 Batho bao ke ba tloaetseng haholo ha ba eo,+
Bao ke ba tsebang ba ntebetse,
15 Ba lulang ka tlung ea ka e le bajaki;+ ’me makhabunyane a ka a nkuka ke le osele;
Ke fetohile molata oa sebele mahlong a ’ona.
16 Ke bitsitse mohlanka oa ka, empa ha a arabe.
Ka molomo oa ka ke ntse ke mo kōpa qenehelo.
17 Moea oa ka o fetohile o nyonyehang ho mosali oa ka,+
Ke fetohile ea nkhang hampe ho bara ba mpa ea ’Mè.
19 Banna bohle ba sehlopha sa metsoalle ea ka e haufi-ufi ba ntlhoile,+
Bao ke neng ke ba rata ba mphetohetse.+
23 Joale hoja mantsoe a ka a ne a ngotsoe fatše!
Hoja a ne a ngotsoe bukeng!
26 Ka mor’a letlalo la ka, leo ba le mumutseng,—sena!
Le hoja ke fokola nameng ke tla bona Molimo,
Le eo ka sebele mahlo a ka a tla mo bona, empa eseng osele.
Liphio tsa ka li feletsoe ke matla ka hare ho ’na.