Jobo
3 Ba leleka esele e tona ea bashanyana ba se nang bo-ntate;
Ba nka poho ea mohlolohali e le tebeletso.+
5 Bonang! Joaloka liqoaha+ lefeelleng
Ba ile mosebetsing oa bona, ba batla lijo.
Thota ea lehoatata e fa e mong le e mong bohobe bakeng sa bashanyana.
6 Ba kotula furu ea eona tšimong,
Ba tlatlapa ka potlako serapa sa morara sa ea khopo.
8 Ba kolobisoa ke pula ea lithaba e nang ka sefefo,
Ba lokela ho tseparela lefika kahobane ho se na tšireletso.+
9 Ba hloibila moshanyana ea se nang ntate letsoeleng,+
Se leng ho ea hlorileng ba se nka e le tebeletso.+
10 Ba lokela ho tsamaea ba se na liaparo, ba hlobotse,
Ba lokela ho jara liqoapi tse kotutsoeng, ba lapile.+
11 Ba hlola motšehare pakeng tsa marako a entseng mathule;
Ba lokela ho hatakela lihatelo tsa veine, leha ho le joalo ba nyoriloe.+
12 Ba shoang ba ntse ba bobola motseng,
Meea ea ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang e hoeletsa ho kōpa thuso;+
Molimo ha a e nke e le ntho leha e le efe e sa tšoanelang.+
13 Ha e le bona, ba ne ba le har’a ba fetohelang leseli;+
Ha baa ka ba hlokomela litsela tsa lona,
Ha baa ka ba lula litseleng tsa lona.
14 ’Molai o tsoha ka meso,
O bolaea ea hlorileng le ea futsanehileng;+
Bosiu o fetoha lesholu le tloaelehileng.+
15 Ha e le leihlo la mofebi,+ le lebeletse lefifi la shoalane,+
Le re, ‘Ha ho leihlo le tla mpona!’+
O ikoahela sefahleho ka lesira.
17 Etsoe hoseng ho tšoana le moriti o lefifi+ ho bona,
Etsoe ba hlokomela seo matšabeho a tšohanyetso a moriti o lefifi a leng sona.
18 O lebelo holim ’a metsi.
Tšimo ea bona e tla rohakoa lefatšeng.+
A ke ke a retelehela tseleng ea lirapa tsa morara.
20 Pōpelo e tla mo lebala, tšenyane e tla mo momona hamonate,+
Ha a sa tla hlola a hopoloa.+
Ho se loke ho tla robeha joaloka sefate.+
22 Ka sebele o tla hula batho ba matla ka matla a hae;
O tla phahama ’me a se ke a tiiseha ka bophelo ba hae.
23 O tla mo lumella hore a kholisehe+ e le hore a ka itšehetsa;
Mahlo a hae a tla ba holim ’a litsela tsa bona.+
24 Ba phahame ka nakoana, ’me ha ba sa le eo,+
Ba theoletsoe tlaase;+ ba khuoa joaloka e mong le e mong,
Ba khaoloa joaloka hlooho ea qoapi ea lijo-thollo.
25 Kahoo joale ha e le hantle, ke mang ea nketsang ea leshano
Kapa ea tla etsa hore lentsoe la ka e be lefeela?”