Jobo
29 Jobo a boela a bua polelo ea hae ea maele ’me a tsoela pele ho re:
2 “Hoja ke ne ke le joaloka likhoeling tsa khale,+
Joaloka matsatsing a ha Molimo a ntebetse;+
3 Ha a etsa hore lebone la hae le khanyetse hlooho ea ka,
Ha ke ne ke tsamaea lefifing ka leseli la hae;+
4 Feela joalokaha ke ne ke le matsatsing a bocha+ ba ka,
Ha kamano e haufi-ufi le Molimo e ne e le tenteng ea ka;+
5 Ha Ea Matla ’Ohle a ne a sa ntse a e-na le ’na,
Ha bahlanka ba ka ba mpota-potile ka hohle!
6 Ha ke ne ke hlatsoa mehato ea ka ka sereleli,
Lefika le ntse le ntšollela melapo ea oli;+
7 Ha ke e-ea hekeng ea motse,+
Ke ne ke lokisa setulo sa ka lepatlelong!+
11 Etsoe tsebe e ile ea mamela ’me ea phatlalatsa hore ke thabile,
Leihlo la bona eaba lea mpakela.
12 Etsoe ke ne ke pholosa ea hlorileng ea hoeletsang ho kōpa thuso,+
Le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi.+
13 Tlhohonolofatso+ ea ea leng lekhatheng la ho timela—e ne e tla holim ’a ka,
Ke ne ke nyakallisa pelo ea mohlolohali.+
14 Ka apara ho loka, ’me e ne e le liaparo+ tsa ka.
Toka ea ka e ne e le joaloka seaparo se se nang matsoho—le tuku.
20 Thoriso ea ka e ncha ho ’na,
Seqha sa ka se leng letsohong la ka se tla fula khafetsa.’
23 Ba ile ba leta bakeng sa ka joalokaha eka ke bakeng sa pula,+
Ba ahlamisa melomo bakeng sa pula ea selemo.+