Jobo
Ba banyenyane ho ’na ka matsatsi,+
Bao bo-ntat’a bona nka beng ke hanne
Ho ba beha le lintja tsa mohlape oa ka.
3 Ha ba na thuso ka lebaka la bohloki le tlala,
Ba kokona sebaka se se nang metsi,+
Moo maobane ho neng ho e-na le sefefo le lesupi.
4 Ba ne ba kha setlama sa letsoai lihlahleng,
Metso ea lihlahla tsa lefielo e ne e le lijo tsa bona.
6 Ba lokela ho lula letsoapong la liphula tsa melapo e phoroselang,
Likoting tse fatše le mafikeng.
7 Ba ne ba hooa har’a lihlahla;
Ba ne ba iketsa seqhoqho tlas’a bobatsi.
11 Etsoe o ile a lokolla khoele ea seqha sa ka ’me a nkokobetsa,
Ba tlohetse tōmo e lokolotsoe ka lebaka la ka.
12 Ba tsoha joaloka malinyane ka letsohong la ka le letona;
Ba tlohetse maoto a ka hore a tsamaee,
Empa ba nkahetse mekoallo+ ea bona e bakang koluoa.
13 Ba qhaqhile litsela tsa ka;
Molemo oa bona e bile tsietsi feela ho ’na,+
Ba se na mothusi leha e le ofe.
14 Ba ile ba tla joalokaha eka ba tsoa lekhalong le pharaletseng;
Ba hoholehile tlas’a sefefo.
15 Ke hlasetsoe ke matšabeho a tšohanyetso;
Ho ba seriti ha ka ho lelekisoa joaloka moea,
Poloko ea ka e fetile joaloka leru.
18 Seaparo sa ka sea fetoha ka lebaka la matla a mangata;
Se ntlama joaloka molala oa seaparo sa ka se selelele.
19 O ntheoletse letsopeng,
Hoo ke iponahatsang ke le joaloka lerōle le molora.
21 U iphetola hore u be ea sehlōhō ho ’na;+
U nkoetlela lehloeo ka matla a feletseng a letsoho la hao.
22 U mphahamisetsa moeeng, u mpalamisa oona;
Joale u nqhibilihisa ka molumo o lerata.
23 Etsoe kea tseba hore u tla etsa hore ke khutlele lefung,+
Le ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.
24 Feela ha ho ea otlollang letsoho la hae khahlanong le qubu ea lithako,+
Leha e le hore ho ba le mohoo o kōpang thuso nakong ea ho felloa ha motho ke matla mabapi le lintho tseo.
26 Le hoja ke letetse se molemo, empa leha ho le joalo ho ile ha tla bobe;+
Ka ’na ka letela leseli, empa ha tla botšo.
27 Mala a ka a ile a lubeha ’me ha aa ka a khutsa;
Ke ile ka tobana le matsatsi a mahloreho.
28 Ka tsamaea ke hlomohile+ ha ho se na khanya ea letsatsi;
Ka ema phuthehong, ka ’na ka hoeletsa ho kōpa thuso.
31 Harepa ea ka ea e-ba ea ho siama feela,
Phala ea ka ea e-ba ea mantsoe a ba llang.