Jobo
34 Elihu a tsoela pele ho araba ’me a re:
2 “Mamelang mantsoe a ka, lōna ba bohlale;
Le lōna ba tsebang, ’mameleng.
4 A re ikhetheleng kahlolo;
A re tsebeng se molemo.
6 Na ke bolela mashano khahlanong le kahlolo ea ka?
Leqeba la ka le lebe ha le phekolehe le hoja ho se na tlōlo.’+
8 Ka sebele o tseleng e eang setsoalleng le ba tloaetseng ho etsa se kotsi
Le ho tsamaeeng le batho ba khopo.+
10 Ka hona, lōna banna ba nang le kutloisiso,+ ’mameleng.
Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo,+
Le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!+
11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,
O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.
13 Ke mang ea mo abetseng lefatše,
Ke mang ea mo behetseng naha e behang, kaofela ha eona?
14 Haeba a beha pelo ho mang kapa mang,
Haeba a inkela moea le phefumoloho ea eo,+
15 Nama eohle e tla timela hammoho,
Motho oa lefatše o tla khutlela lerōleng.+
16 Kahoo haeba le na le kutloisiso, mamelang sena;
Mamelang molumo oa mantsoe a ka.
17 Ka sebele na leha e le ofe ea hloileng toka o tla laola,+
Haeba motho ea matla a lokile na le tla phatlalatsa hore o khopo?+
19 Ho na le E Mong ea sa bontšang leeme ho likhosana
Le ea sa nahanelang ea hlomphehang+ ho feta ea tlaase,
Etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
20 Ka motsotsoana baa shoa,+ esita le har’a bosiu;+
Batho baa hlokoleha ’me baa feta,
Ba matla baa feta empa eseng ka letsoho+ la motho.
23 Etsoe ha a behele motho leha e le ofe nako e behiloeng
Hore a ee ho Molimo kahlolong.
26 O ba jabela joaloka ba khopo
Moo ho nang le bashebelli;+
27 Ka lebaka la hore ba khelohile hore ba se ke ba mo latela,+
Ha baa nahana ka litsela tsa hae,+
28 E le ho etsa hore mohoo oa ea tlaase o fihle ho eena;
Kahoo o utloa mohoo oa ba hlorileng.+
29 Ha a tlisa khutso, joale, ke mang ea ka mo ahlolang?
Ha a pata sefahleho+ sa hae, ke mang ea ka mo bonang,
Ebang o se patela sechaba+ kapa motho, e le ntho e tšoanang?
31 Etsoe na ho na le ea ka reng ho Molimo,
‘Ke mameletse, le hoja ke sa sebetse ka bobolu;+
32 Le hoja ke sa bone letho, u nthute;
Haeba ke entse ho se loke leha e le hofe,
Nke ke ka ho etsa hape’?+
33 Na o tla u buseletsa ho ea ka pono ea hao kahobane u hana kahlolo,
Kahobane ke uena ea khethang, eseng ’na?
Seo u se tsebang hantle, se bue.
34 Batho ba nang le kutloisiso+ ba tla re ho ’na—
Esita le monna ea shahlileng ea bohlale ea ’mamelang,
35 ‘Jobo o bua ntle ho tsebo,+
Mantsoe a hae ha a na temohisiso.’