Jobo
36 Elihu a eketsa ka ho re:
2 “’Mamelle ka nakoana, ’me ke tla u bolella
Hore ho sa ntse ho e-na le mantsoe a tla buuoa bakeng sa Molimo.
5 Bona! Molimo o matla+ ’me a ke ke a lahla;
O tletse bonatla matleng a pelo;
6 A ke ke a boloka mang kapa mang ea khopo a phela,+
Empa o tla fana ka kahlolo ea ba hlorileng.+
7 A ke ke a tlosa mahlo a hae ho mang kapa mang ea lokileng;+
Esita le marena literoneng+—
O tla boela a a lulisa ka ho sa feleng, ’me a tla phahama.
9 Joale o tla a bolella ka tsela eo a sebetsang ka eona
Le litlōlo tsa ’ona, kahobane aa iphahamisa.
11 Haeba a mamela ’me a sebeletsa,
A tla phetha matsatsi a ’ona ho se molemo
A phethe lilemo tsa ’ona ka thabo.+
13 Ba lipelo li koenehileng ba tla bokella bohale.+
Ha baa lokela ho hoeletsa ho kōpa thuso kahobane o ba tlamile.
14 Meea ea bona e tla shoa e sa le bocheng,+
Bophelo ba bona bo shoelle har’a matekatse a banna a tempele.+
15 O tla pholosa ea hlorileng mahlorehong a hae,
O tla bula litsebe tsa bona khatellong.
16 Ka sebele o tla boela a u hoka-hoke molomong oa mahlomola!+
Sebaka se pharaletseng haholo,+ eseng se petetsaneng, se tla ba sebakeng sa oona,
Matšeliso a tafole ea hao a tla tlala monono.+
17 Ka sebele u tla tlala kahlolo ea boahloli ho ea khopo;+
Kahlolo ea boahloli le toka li tla itsetsepela.
18 Hlokomela hore khalefo+ e se ke ea u hoka-hoka hore u ope liatla ka ho nyefola,
Thekollo+ e khōlō e se ke ea u khelosa.
19 Na mohoo oa hao o kōpang thuso o tla ba le tšusumetso?+ Che, leha e le hore mahlomoleng
Boiteko bohle ba hao bo matla+ bo tla ba le tšusumetso.
20 U se ke ua labalabela bosiu,
Hore lichaba li ikhule moo li leng teng.
22 Bona! Molimo o sebetsa ka mokhoa o phahameng ka matla a hae;
Ke morupeli ofe ea tšoanang le eena?
23 Ke mang ea batlileng boikarabello ba tsela ea hae khahlanong le eena,+
Ke mang ea itseng, ‘U entse ho se loke’?+
26 Bona! Molimo o phahame ho feta kamoo re ka tsebang;+
Lilemo tsa hae li ke ke tsa phenngoa ka palo.+