Jobo
9 Jobo a araba a re:
2 “Kannete kea tseba hore ho joalo.
Empa motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang nyeoeng le Molimo?+
7 O bolella letsatsi hore le se ke la khanya,
O beha tiiso ho pota linaleli,+
O hatakela maqhubu a phahameng a leoatle;+
9 O etsa sehlopha sa linaleli sa Ashe, sehlopha sa linaleli sa Kesile,
Le sehlopha sa linaleli sa Kima+ le likamore tse ka hare tsa Boroa;
10 O etsa lintho tse khōlō tse ke keng tsa batlisisoa,+
Le lintho tse hlollang tse se nang palo.+
14 Ho joalo hakaakang haeba nka mo araba!
Ke tla khetha mantsoe a ka ho eena,+
15 Eena eo ke neng nke ke ka mo araba, le hoja ke ne ke hlile ke nepile.+
Ke ne ke tla kōpa mohau ho ea nkhanyetsang molaong.+
16 Haeba ke ne ke mo bitsitse, na o ne a tla nkaraba?+
Ha ke lumele hore o ne a tla mamela lentsoe la ka;
17 Eena ea ntematsang ka sefefo
Le eo ka sebele a ngatafatsang maqeba a ka ntle ho lebaka.+
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo oa ka o ne o tla phatlalatsa hore ke khopo;
Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, joale o ne a tla phatlalatsa hore ke khopame.
21 Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, ke ne nke ke ka tseba moea oa ka;
Ke ne ke tla hana bophelo ba ka.
22 Ho na le ntho e le ’ngoe. Ke ka lebaka leo ke reng,
‘Ea sa tšoauoeng phoso, le ea khopo, oa ba felisa.’+
23 Haeba moroallo o phoroselang o ka baka lefu ka tšohanyetso,
O ne a tla soma ho felloa ke tšepo ha ba hlokang molato.
24 Lefatše ho nehelanoe ka lona letsohong la ea khopo;+
O koahela lifahleho tsa baahloli ba lona.
Haeba ho se joalo, he, ke mang?
26 A tsamaile joaloka likepe tsa lehlaka,
Joaloka ntsu e potlakelang koana le koana bakeng sa se jeoang.+
27 Haeba ke itse, ‘E-re ke lebale ho tšoenyeha+ ha ka,
E-re ke fetole sefahleho+ sa ka ’me ke hlasimolohe,’
30 Haeba ke itlhatsoitse metsing a lehloa,
Ke hloekisitse matsoho a ka ka makhona-tsohle,+
31 Joale u ne u tla nkenya ka sekoting,
Ka sebele liaparo tsa ka li ne li tla ntlhoea.
33 Ha ho motho ea ka etsang qeto pakeng tsa rōna,+
E le hore a ka beha letsoho la hae holim ’a rōna ka bobeli.
35 E-re ke bue ’me ke se ke ka mo tšaba,
Etsoe ha ke na tšekamelo e joalo.