Pina ea Methati.
130 Ke ipilelitse ho uena, Jehova, ke le bolibeng.+
2 Jehova, u utloe lentsoe la ka.+
E se eka litsebe tsa hao li ka mamelisisa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+
3 Haeba u ne u talima liphoso,+ Jah,
Jehova, ke mang ea neng a ka ema?+
4 Etsoe ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena,+
E le hore u ka tšajoa.+
5 Ke tšepile, Jehova, moea oa ka o tšepile,+
Ke letetse lentsoe la hae.+
6 Moea oa ka o letetse Jehova+
Ho feta balebeli ba letetseng hore e be hoseng,+
Ba lebeletseng hoseng.+
7 Baiseraele ba ’ne ba letele Jehova.+
Etsoe ho na le mosa o lerato ho Jehova,+
Ho na le topollo e ngata ho eena.+
8 O tla lopolla Baiseraele liphosong tsohle tsa bona.+