Lipesaleme
Rorisang lebitso la Jehova,+
Fanang ka thoriso, Lōna bahlanka ba Jehova,+
2 Lōna ba emang ka tlung ea Jehova,+
Mabaleng a ntlo ea Molimo oa rōna.+
3 Rorisang Jah, etsoe Jehova o molemo.+
Binelang lebitso la hae lipina tsa thoriso, etsoe lea khahlisa.+
6 Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a thabetseng ho e etsa+
Maholimong le lefatšeng, maoatleng le malibeng ’ohle.+
7 O nyolla mouoane pheletsong ea lefatše;+
O entse mekoallo ea metsi bakeng sa pula;+
O hlahisa moea matlong a hae a polokelo,+
8 Eena ea bolaileng matsibolo a Egepeta,+
A batho le a liphoofolo.+
9 O ile a romela lipontšo le mehlolo ka hare ho uena, Egepeta,+
Holim’a Faro le holim’a bahlanka bohle ba hae;+
10 Eena ea ileng a bolaea lichaba tse ngata+
A bolaea marena a matla,+
11 Esita le Sihone morena oa Baamore+
Le Oge morena oa Bashane+
Le mebuso eohle ea Kanana,+
12 Le ea ileng a fana ka naha ea tsona e le lefa,+
Lefa ho sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Jehova, sehopotso sa hao se teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
14 Etsoe Jehova o tla buella nyeoe ea batho ba hae,+
O tla ikutloa a soabile ka lebaka la bahlanka ba hae.+
15 Litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+