Lipesaleme
2 Ke tla rorisa Jehova ha ke sa ntse ke phela.+
Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.+
4 Moea oa hae oa tsoa,+ eena o khutlela lerōleng la hae;+
Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.+
5 Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae,+
Eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae,+
6 Moetsi oa leholimo le lefatše,+
Oa leoatle, le oa tsohle tse ho tsona,+
Ea bolokang ’nete ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
7 Ea phethisang kahlolo bakeng sa ba etselitsoeng bolotsana,+
Ea fang ba lapileng bohobe.+
Jehova o lokolla ba tlamiloeng.+
O imolla moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+