Lipesaleme
Thapelo ea Davida.
17 U utloe se lokileng, Jehova; u ele hloko mohoo oa ka oa kōpo e tiileng;+
U mamele thapelo ea ka e sa etsoang ka molomo oa thetso.+
3 U lekotse pelo ea ka, u entse tlhahlobo bosiu,+
U ntlhoekisitse; u tla fumana hore ha kea rera letho.+
Molomo oa ka u ke ke ua etsa tlōlo.+
4 Ha e le mesebetsi ea batho,
Ka lentsoe la molomo oa hao ke itebetse khahlanong le litsela tsa lesholu.+
5 Mehato ea ka e ke e hate litseleng tsa hao,+
Tseo ho tsona ka sebele mehato ea ka e ke keng ea therekelisoa.+
7 Etsa hore liketso tsa hao tsa mosa o lerato e be tse hlollang,+ Uena Mopholosi oa ba batlang setšabelo
Ho tloha ho ba fetohelang letsoho la hao le letona.+
8 Mpoloke joaloka thaka ea leihlo,+
E se eka u ka mpata moriting oa mapheo a hao,+
9 Ka lebaka la ba khopo ba ntlatlapileng.
Lira tsa moea oa ka li ntse li nteela hare.+
10 Li ikoahetse ka mafura a tsona;+
Ka melomo ea tsona li buile ka boikhohomoso;+
11 Mabapi le mehato ea rōna, joale li re lika-likelitse;+
Li tsepamisa mahlo a tsona hore li re lihele fatše.+
12 Sebōpeho sa hae ke sa tau e labalabelang ho rusolla+
Le sa taoana e lutseng libakeng tse patehileng.
13 Tsoha, Jehova; u mo tobe sefahlehong;+
Mo inamise; u pholose moea oa ka ho ea khopo ka sabole ea hao,+
14 U mpholose ho batho, ka letsoho la hao, Jehova,+
Ho batho ba tsamaiso+ ena ea lintho, bao kabelo ea bona e leng bophelong bona,+
Le bao limpa tsa bona u li tlatsang ka letlotlo la hao le patiloeng,+
Ba khotsofetseng ka bara+
Le ba bolokelang bana ba bona seo ba se sieang.+