Ea Davida.
26 Nkahlole,+ Jehova, kaha ke tsamaile botšepehing ba ka,+
Ke tšepile Jehova, e le hore ke se ke ka tetema.+
2 Ntlhahlobe, Jehova, ’me u nteke;+
Hloekisa liphio tsa ka le pelo ea ka.+
3 Etsoe mosa oa hao o lerato o ka pel’a mahlo a ka,
Ke tsamaile ’neteng ea hao.+
4 Ha kea lula le batho ba leshano;+
Ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.+
5 Ke hloile phutheho ea baetsi ba bobe,+
Ha ke lule le ba khopo.+
6 Ke tla hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato,+
Ke tla pota aletare ea hao, Jehova,+
7 E le ho etsa hore liteboho li utluoe haholo,+
Le ho bolela mesebetsi eohle ea hao e hlollang.+
8 Jehova, ke ratile bolulo ba ntlo ea hao+
Le sebaka seo khanya+ ea hao e lulang ho sona.
9 U se ke ua tlosa moea oa ka hammoho le baetsalibe,+
Kapa bophelo ba ka hammoho le batho ba molato oa mali,+
10 Bao matsohong a bona ho nang le boitšoaro bo hlephileng,+
Le bao matsoho a bona a matona a tletseng tjotjo.+
11 Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.+
Ntopolle+ ’me u mpontše mohau.+
12 Ka sebele leoto la ka le tla ema motsitseng;+
Ke tla boka Jehova har’a matšoele a phuthehileng.+