Lipesaleme
Pina ea thoriso. Pina ea khakolo ea ntlo.+ Ea Davida.
30 Ke tla u phahamisa, Jehova, kaha u nkhutse+
Ha ua lumella lira tsa ka hore li thabe ka lebaka la ka.+
2 Jehova Molimo oa ka, ke ile ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso, ’me ua mpholisa.+
3 Jehova, u nyolotse moea oa ka Sheole;+
U mpolokile ke phela, hore ke se ke ka theohela ka sekoting.+
4 Binelang Jehova lipina tsa thoriso, Lōna ba tšepahalang ba hae,+
Lebohang sehopotso sa hae se halalelang;+
5 Hobane ho ba tlas’a bohale ba hae ke ha motsotsoana,+
Ho ba tlas’a kamohelo ea hae ke ha bophelo bohle.+
Ka shoalane ho lla ho ka ’na ha e-ba teng,+ empa hoseng ho ba le mohoo oa thabo.+
7 Jehova, ka kamohelo ea hao u entse hore thaba ea ka e eme ka matla.+
U ile ua pata sefahleho sa hao; ka ferekana.+
8 Jehova, ke ile ka ’na ka hoeletsa ho uena;+
Ka ’na ka etsa kōpo e tiileng ho Jehova bakeng sa mohau.+