Lipesaleme
Pina ea thoriso ea Davida, bakeng sa khopotso.
3 Ha ho karolo e phelang hantle nameng ea ka ka lebaka la nyatso ea hao.+
Ha ho khotso masapong a ka ka lebaka la sebe sa ka.+
5 Maqeba a ka a nkha hampe, a petlile,
Ka lebaka la booatla ba ka.+
7 Etsoe letheka la ka le chesa haholo,
Ha ho karolo e phelang hantle nameng ea ka.+
8 Ke feletsoe ke matla ’me ke sithabetse ho isa tekanyong e fetisisang;
Ke lumaetse ka lebaka la ho bobola ha pelo ea ka.+
9 Jehova, takatso eohle ea ka e ka pel’a hao,
Ho feheloa ha ka ha hoa pateha ho uena.+
10 Pelo ea ka e otlile ka matla, matla a ka a tlohile ho ’na,
Leseli la mahlo a ka le lona ha le eo ho ’na.+
11 Ha e le ba nthatang le metsoalle ea ka, ba emella hōle le lefu la ka,+
Batho bao ke ba tloaetseng haholo ba emeletse hōjana.+
12 Empa ba batlang moea oa ka ba cheha lifi,+
Ba mpakelang tlokotsi ba buile ka litsietsi,+
Hape ba ntse ba honotha ka thetso letsatsi lohle.+
13 Ha e le ’na, joaloka ea sa utloeng litsebeng, ke ne ke sa mamele;+
Joaloka motho ea sa khoneng ho bua, ke ne ke sa ahlamise molomo.+
14 Ke ile ka ba joaloka motho ea neng a sa utloe,
Molomong oa ka ho ne ho se na likhanyetso.
16 Etsoe ke ile ka re: “Ho seng joalo ba ne ba tla thaba ka lebaka la ka;+
Ha leoto la ka le therekela,+ ka sebele ba ne ba tla ikhohomosetsa ’na.”+
20 Ba ne ba mputsa ka bobe bakeng sa botle;+
Ba ’na ba nkhanyetsa e le puseletso bakeng sa ho phehella ha ka se molemo.+
21 U se ke ua ntlohela, Jehova.
Molimo oa ka, u se ke ua emella hōle le ’na.+