Lipesaleme
Ho motsamaisi. Ea Davida, pina ea thoriso.
40 Ke ne ke tšepile Jehova ka tieo,+
Kahoo a ntšekehela tsebe ’me a utloa mohoo oa ka o kōpang thuso.+
2 A boela a ’nyolla ka sekoting sa metsi a hoasang,+
Tebetebeng ea seretse.+
Joale a phahamisetsa maoto a ka holim’a lefika;+
A tiisa mehato ea ka ka thata.+
3 Ho ekelletsa moo, a kenya pina e ncha molomong oa ka,
Thoriso e eang ho Molimo oa rōna.+
Ba bangata ba tla ho bona ’me ba tla tšoha,+
Ba tla tšepa Jehova.+
4 Ho thaba monna ea shahlileng ea behileng Jehova e le tšepo ea hae+
Le ea sa retelletsang sefahleho sa hae ho batho ba hanyetsang,
Kapa ba khelohelang mashanong.+
Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna;+
Ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.+
Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona,
E mengata ho feta kamoo nka e phetang.+
6 Ha ua ka ua thabela sehlabelo le nyehelo;+
U ile ua bula litsebe tsena tsa ka.+
Ha ua ka ua kōpa nyehelo ea secheso le nyehelo ea sebe.+
8 Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka,+
Molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.+
9 Ke boletse litaba tse molemo tsa ho loka phuthehong e khōlō.+
Bona! Ha ke thibe molomo oa ka.+
Jehova, u tseba seo hantle.+
10 Ho loka ha hao ha kea ho pata ka har’a pelo ea ka.+
Ke boletse botšepehi ba hao le poloko ea hao.+
Ha kea pata mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao phuthehong e khōlō.”+
11 Jehova, u se ke ua nthibela khauho ea hao.+
Mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao e ke e ntšireletse kamehla.+
12 Etsoe litlokotsi li ile tsa mpota-pota ho fihlela li se na palo.+
Liphoso tsa ka tse ngata li ile tsa mphihlela ho feta kamoo ke neng nka khona ho bona;+
Li bile ngata haholo ho feta moriri oa hlooho ea ka,+
Pelo ea ka ea ntlohela.+
14 E se eka ba batlang moea oa ka hore ba o felise+
Ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba soabe kaofela hammoho.+
E se eka ba thabelang tlokotsi ea ka ba ka khutlela morao ’me ba kokobetsoe.+