Lipesaleme
BUKA EA BOBELI
Ho motsamaisi. Maskile bakeng sa bara ba Kora.+
42 Joaloka khama e tšehali e hlolohetsoeng melapo ea metsi,
Ka ho tšoanang moea oa ka o hlolohetsoe uena, Molimo.+
2 Moea oa ka o nyoretsoe Molimo,+ o nyoretsoe Molimo ea phelang.+
Ke tla tla neng ’me ke hlahe ka pel’a Molimo?+
3 Ho ’na meokho ea ka e fetohile lijo bosiu le motšehare,+
Ha ba ntse ba re ho ’na letsatsi lohle: “Molimo oa hao o hokae?”+
4 Ke tla hopola lintho tsena, ’me ke tla tšolla moea oa ka ka hare ho ’na.+
Etsoe ke ne ke feta hammoho le letšoele,
Ke ne ke tsamaea butle ka pel’a lona ho ea ntlong ea Molimo,+
Ka lentsoe la mohoo oa thabo le liteboho,+
La letšoele le entseng mokete.+
5 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+
Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?+
Letela Molimo,+
Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō.+
6 Molimo oa ka, moea oa ka o feletsoe ke tšepo ka hare ho ’na.+
Ke ka lebaka leo ke u hopolang,+
Ho tsoa naheng ea Jordane le litlhōrōng tsa Hermone,+
Ho tsoa thabeng e nyenyane.+
7 Boliba bo bong bo hoeletsa bo bong
Ha ho utloahala molumo oa liphororo tsa hao.
Metsi ’ohle a hao a loebehlanang le maqhubu a hao+—
A fetile holim’a ka.+
8 Jehova o tla laela mosa oa hae o lerato motšehare,+
Pina ea hae e tla ba le ’na bosiu;+
Ho tla ba le thapelo e eang ho Molimo oa bophelo ba ka.+
9 Ke tla re ho Molimo lefika la ka:+
“U ntebaletse’ng?+
Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke hlomohile ka lebaka la khatello ea sera?”+