Lipesaleme
Pina ea thoriso ea Asafe.+
50 Ea Nang le Bomolimo,+ Molimo, Jehova,+ o buile,+
O bitsa lefatše,+
Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela.+
2 A le Sione, e phethahetseng ka botle,+ Molimo o bonahalitse khanya.+
3 Molimo oa rōna o tla tla ’me ho ke ke ha khoneha hore a khutse.+
Ka pel’a hae mollo oa timetsa,+
Ho mo pota-pota ka hohle ho bile le boemo ba leholimo ba sefefo se fetisisang.+
7 “Le mamele, Lōna sechaba sa ka, ’me ke tla bua,+
Lōna Baiseraele, ’me ke tla paka khahlanong le lōna.+
Ke ’na Molimo, Molimo oa lōna.+
8 Ha ke le khalemelle mahlabelo a lōna,+
Kapa linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso tse ka pel’a ka kamehla.+
10 Etsoe phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka,+
Liphoofolo tse holim’a lithaba tse sekete.+
11 Ke tseba hantle sebōpuoa se seng le se seng se nang le mapheo sa lithaba,+
Le mehlape ea liphoofolo tsa naha e sabaletseng e na le ’na.+
12 Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella;
14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lōna ho Molimo,+
Le phethe boitlamo ba lōna ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+
15 Le mpitse letsatsing la mahlomola.+
Ke tla le pholosa, ’me le tla ntlotlisa.”+
16 Empa Molimo o tla lokela ho re ho ea khopo:+
“U na le tokelo efe ea ho lokolisa melao ea ka ea tsamaiso,+
Le hore u ka beha selekane sa ka molomong oa hao?+
21 U entse lintho tsena, ’me ka ’na ka khutsa.+
U ile ua nahana hore ka sebele ke tla ba joaloka uena.+
Ke tlil’o u khalemela,+ ’me ke tla lokisa lintho ka pel’a mahlo a hao.+