Lipesaleme
Ho motsamaisi oa Jeduthune. Pina ea thoriso ea Davida.
2 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+
Nke ke ka therekelisoa haholo.+
3 Le tla tsoela pele ka ho tlala pherekano halelele hakae khahlanong le motho eo le tlang ho mo bolaea?+
Kaofela ha lōna le tšoana le lerako le sekameng, lerako la majoe le ntseng le sutumetsoa.+
4 Ka sebele ba fana ka keletso e le hore ba ka hoka-hoka motho ho mo tlosa seriti;+
Ba khahlisoa ke leshano.+
Ka melomo ea bona baa hlohonolofatsa, empa ka hare ho bona baa rohaka.+ Selah.
6 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+
Nke ke ka therekelisoa.+
8 Mo tšepeng ka linako tsohle.+
Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a hae.+
Molimo ke setšabelo sa rōna.+ Selah.
9 Ka sebele bara ba motho oa lefatše ke pululo,+
Bara ba moloko oa batho ke leshano.+
Ha ba behoa sekaleng kaofela ha bona hammoho ba bobebe ho feta pululo.+