Lipesaleme
Koli-ea-malla ea Davida eo a ileng a e binela Jehova malebana le mantsoe a Kushe Mobenjamine.
7 Jehova Molimo oa ka,+ ke tšabetse ho uena.+
Mpholose ho bohle ba ntlhorisang ’me u ntopolle,+
2 E le hore ho se ke ha e-ba le ea rusollang moea oa ka likoto joalokaha tau e etsa,+
Ea ntlhoibilang ha ho se molopolli.+
3 Jehova Molimo oa ka, haeba ke entse sena,+
Haeba ho e-na le ho hloka toka leha e le hofe matsohong a ka,+
4 Haeba ke buselelitse se sebe ho ea mputsang,+
Kapa haeba ke tlatlapile mang kapa mang ea bontšang bora ho ’na ntle ho katleho,+
5 Sera se ke se lelekise moea oa ka+
Se ke se fihlele bophelo ba ka ’me se bo hatakele fatše
Se etse hore khanya ea ka e lule lerōleng. Selah.
6 Tsoha, Jehova, bohaleng ba hao;+
Phahama ha ba bontšang bora ho ’na ba tlakoloha ka khalefo,+
U tsohe bakeng sa ka,+ kaha u fane ka taelo bakeng sa kahlolo.+
7 Phutheho ea lichaba e ke e u teele hare,
U khutlele sebakeng se phahameng khahlanong le eona.
8 Jehova o tla liha kahlolo holim’a lichaba.+
Jehova, nkahlole ho ea ka ho loka ha ka+
Le ho ea ka botšepehi ba ka+ bo ka ho ’na.
10 Thebe ea ka e ho Molimo,+ Mopholosi oa ba lipelo li lokileng.+
12 Haeba mang kapa mang a sa khutle,+ sabole ea Hae o tla e leotsa,+
Ka sebele o tla koba seqha sa hae, ’me o tla se lokisetsa ho fula.+
15 O epile sekoti, ’me a tsoela pele ho se cheka;+
Empa o tla oela ka sekoting seo a ileng a se etsa.+