Lipesaleme
Maskile. Ea Asafe.+
74 Molimo, u re lahletse’ng ka ho sa feleng?+
Ke hobane’ng ha bohale ba hao bo ntse bo tukela mohlape oa lekhulo la hao?+
2 Hopola phutheho ea hao eo u e fumaneng khale,+
Moloko oo u o lopolotseng e le lefa la hao,+
Thaba ena ea Sione eo u lutseng ho eona.+
3 U phahamisetse mehato ea hao masuping a tšoarellang halelele.+
Sera se tšoere ntho e ’ngoe le e ’ngoe hampe sebakeng se halalelang.+
4 Ba bontšang bora ho uena ba purumme bohareng ba sebaka sa hao sa pokano.+
Ba behile lipontšo tsa bona e le lipontšo.+
5 Motho o tumme hampe ka ho tšoana le ea phahamisang lilepe ho rema mofero oa lifate.
6 Joale mengolo ea oona e fatiloeng, kaofela, ba e hlatha ka selepe le libalaka tse nang le lintlha tsa tšepe.+
8 Bona, esita le bana ba bona, ka lipelong tsa bona ba itse hammoho:
“Libaka tsohle tsa pokano tsa Molimo li tla chesoa naheng ena.”+
9 Ha rea bona lipontšo tsa rōna; ha ho sa na moprofeta,+
Ho rōna ha ho ea tsebang hore na ke halelele hakae.
10 Molimo, mohanyetsi o tla ’ne a nyelise halelele hakae?+
Na sera se tla ’ne se hlompholle lebitso la hao ka ho sa feleng?+
11 Ke hobane’ng ha u boloka letsoho la hao, letsoho la hao le letona, le honyelitsoe+
Sefubeng sa hao bakeng sa ho re felisa?
13 U ile ua fuluha leoatle ka matla a hao;+
Ua roba lihlooho tsa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle ka metsing.+
14 U ile ua silakanya lihlooho tsa Leviathane.+
Ua fana ka eona e le lijo ho batho, ho ba ahileng libakeng tse se nang metsi.+
16 Motšehare ke oa hao; hape, bosiu ke ba hao.+
U ile ua lokisa mohloli oa leseli, esita le letsatsi.+
18 Hopola sena: Sera se nyelisitse, Jehova,+
Le batho ba se nang kelello ba hlompholotse lebitso la hao.+
19 U se ke ua fa sebata moea oa leebana-khoroana la hao.+
U se ke ua lebala ka ho sa feleng bophelo ba batho ba hao ba hlorileng.+
21 E se eka ea hateletsoeng a ke ke a khutla a kokobelitsoe.+
E se eka ea hlorileng le ea futsanehileng ba ka rorisa lebitso la hao.+