Lipesaleme
Pina, pina ea thoriso ea bara ba Kora. Ho motsamaisi malebana le Mahalathe ka ho fana ka likarabelo. Maskile ea Hemane+ Moezra.
4 Ke baliloe har’a ba theohelang ka sekoting;+
Ke fetohile ea joaloka monna ea shahlileng ea se nang matla,+
5 Ea lokolotsoeng har’a ba shoeleng,+
Joaloka ba bolailoeng ba robetseng sebakeng sa lepato,+
Bao u sa kang ua hlola u ba hopola
Le ba tlositsoeng letsohong la hao le thusang.+
6 U nkentse ka sekoting se tebileng ho ea tlaase-tlaase,
Libakeng tse lefifi, ka mohohlong o moholo.+
7 Khalefo ea hao e itahletse holim’a ka,+
U ntlhorisitse ka maqhubu ’ohle a hao a loebehlanang.+ Selah.
8 U suthiselitse bao ke ba tloaetseng hōle le ’na;+
U mpehile joaloka ntho e manyala haholo ho bona.+
Ke thibeletsoe ’me nke ke ka tsamaea.+
9 Leihlo la ka le fifetse ka lebaka la mahloreho a ka.+
Ke ipilelitse ho uena, Jehova, letsatsi lohle;+
Ke otlolletse liatla tsa ka ho uena.+
10 Na u tla etsetsa ba shoeleng limakatso?+
Kapa na ba se nang matla lefung ba tla tsoha,+
Na ba tla u roka?+ Selah.
11 Na mosa oa hao o lerato o tla boleloa sebakeng sa lepato,
Botšepehi ba hao bo boleloe sebakeng sa timetso?+
13 Leha ho le joalo, Jehova, ke hoelelitse ho kōpa thuso ho uena,+
Thapelo ea ka e ntse e tobana le uena hoseng.+