Pina ea thoriso.
98 Binelang Jehova pina e ncha,+
Etsoe lintho tseo a li entseng lia hlolla.+
Letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang, le mo fumanetse poloko.+
2 Jehova o tsebahalitse poloko ea hae;+
O senotse ho loka ha hae mahlong a lichaba.+
3 O hopotse mosa oa hae o lerato le botšepehi ba hae ntlong ea Iseraele.+
Lipheletso tsohle tsa lefatše li bone poloko ea Molimo oa rōna.+
4 Hooang ka tlhōlo ho Jehova, lōna batho bohle ba lefatše.+
Hlasimolohang ’me le hoeletse ka thabo ’me le bine lipina tsa thoriso.+
5 Binelang Jehova lipina tsa thoriso ka harepa,+
Ka harepa le ka lentsoe la lipina tsa thoriso.+
6 Hooang ka tlhōlo ka pel’a Morena, Jehova,
Ka literompeta le ka molumo oa lenaka.+
7 Leoatle le lume le sohle se tletseng ho lona,+
Naha e behang le ba lulang ho eona.+
8 Linōka li ope liatla;
Lithaba li hoeletse ka thabo hammoho+
9 Ka pel’a Jehova, etsoe o tlil’o ahlola lefatše.+
O tla ahlola ka ho loka naha e behang+
A ahlole lichaba ka ho loka.+