Exoda
31 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 2 “Bona, ke bitsa Bezaliele+ ka lebitso mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda.+ 3 Ke tla mo tlatsa moea oa Molimo ka bohlale le ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho,+ 4 bakeng sa ho qapa lisebelisoa, bakeng sa ho sebetsa ka khauta le silevera le koporo,+ 5 le ho sebetsa ka majoe ho a hloma+ le ho sebetsa ka lehong ho etsa lihlahisoa tsa mofuta o mong le o mong.+ 6 Ha e le ’na, bona! ke beha Oholiabe mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane+ hammoho le eena, ’me pelong ea e mong le e mong ea nang le pelo e bohlale ke kenya bohlale, e le hore ruri ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laetseng eona:+ 7 tente ea pokano+ le Areka+ ea bopaki le sekoahelo se holim ’a+ eona, le lisebelisoa tsohle tsa tente, 8 le tafole le lisebelisoa tsa eona,+ le seluloana sa lebone sa khauta e hloekileng le lisebelisoa tsohle tsa sona,+ le aletare ea libano,+ 9 le aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona,+ le beisine le seluloana sa eona,+ 10 le liaparo tse lohiloeng le liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebetsa e le baprista;+ 11 le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate bakeng sa sehalalelo.+ Ba tla etsa ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laetseng eona.”
12 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe: 13 “Ha e le uena, bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haholo-holo le lokela ho boloka lisabatha tsa ka,+ etsoe ke pontšo pakeng tsa ka le lōna melokong ea lōna hore le tsebe hore ke ’na Jehova ea le halaletsang.+ 14 Le boloke sabatha, etsoe ke ntho e halalelang ho lōna.+ Ea e hlomphollang ruri o tla bolaoa.+ Haeba ho e-na le mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona, joale moea oo o tla felisoa har’a batho ba habo oona.+ 15 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ea phomolo e feletseng.+ Ke ntho e halalelang ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka letsatsi la sabatha ruri o tla bolaoa. 16 Bara ba Iseraele ba boloke sabatha, e le hore ba phethe sabatha melokong ea bona. Ke selekane sa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 17 Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’”+
18 Joale hang ha a qeta ho bua le eena Thabeng ea Sinai a fa Moshe matlapa a mabeli a Bopaki,+ matlapa a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo.+