Liproverbia
24 U se ke ua honohela batho ba babe,+ ’me u se ke ua iponahatsa u lakatsa ho itsoakanya le bona.+ 2 Etsoe lipelo tsa bona li lula li thuisa ka ho tlatlapa, le melomo ea bona e lula e bolela khathatso.+
3 Ntlo e tla hahuoa ka bohlale,+ ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.+ 4 Ka tsebo likamore tse ka hare li tla tlala lintho tsohle tsa bohlokoa le tse khahlisang tsa bohlokoa.+
5 Ea bohlale matleng ke monna ea shahlileng,+ ’me motho ea nang le tsebo o eketsa matla.+ 6 Etsoe u tla loana ntoa ea hao ka tataiso e bohlale,+ ’me ha baeletsi ba le bangata ho na le poloko.+
7 Ho leoatla bohlale ba ’nete bo phahame haholo;+ le ke ke la bula molomo oa lona hekeng.
8 Ha e le mang kapa mang ea rerang ho etsa bobe, o tla bitsoa monghali likhopolong tse mpe.+
9 Boitšoaro bo hlephileng ba booatla ke sebe,+ ’me mosomi ke ntho e manyala ho moloko oa batho.+
10 Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola?+ Matla a hao a tla fokola.
11 Lopolla ba isoang lefung; ’me e se eka u ka thiba+ ba thekesellang polaong. 12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+
13 Mora oa ka, u je mahe a linotši, etsoe a monate; ’me mahe a linotši a khekheng a monate a ke a be mahalapeng a hao.+ 14 Ka tsela e tšoanang, u tsebe bohlale bakeng sa moea oa hao.+ Haeba u bo fumane, joale ho na le bokamoso, ’me tšepo ea hao e ke ke ea felisoa.+
15 U se ke ua lalla sebaka sa bolulo sa ea lokileng, joaloka ea khopo;+ u se ke ua tlatlapa sebaka sa hae sa phomolo.+ 16 Etsoe ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema;+ empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.+
17 Ha sera sa hao se oa, u se ke ua thaba; ’me ha se etsoa hore se khoptjoe, e se eka pelo ea hao e ke ke ea nyakalla,+ 18 hore Jehova a se ke a bona ’me ha e-ba hobe mahlong a hae eaba ka sebele o khutlisa bohale ba hae khahlanong le sona.+
19 U se ke ua iponahatsa u halefetse baetsi ba bobe. U se ke ua honohela batho ba khopo.+ 20 Etsoe ho ke ke ha e-ba le bokamoso bakeng sa mang kapa mang e mobe;+ lebone la batho ba khopo le tla tima.+
21 Mora oa ka, u tšabe Jehova le morena.+ Ba batlang phetoho, u se ke ua kena-kenana le bona.+ 22 Etsoe koluoa ea bona e tla hlaha ka tšohanyetso,+ hoo e leng mang ea hlokomelang pheliso ea ba batlang phetoho?+
23 Lipolelo tsena le tsona ke tsa ba bohlale:+ Ho bontša leeme kahlolong hase ntho e ntle.+
24 Ea reng ho ea khopo: “U lokile,”+ batho ba tla mo rohaka, lichaba li tla mo nyatsa. 25 Empa ho ba mo khalemelang ho tla ba monate,+ ’me tlhohonolofatso ea se molemo e tla tla holim ’a bona.+ 26 Ea arabang ka tsela e otlolohileng o tla aka molomo.+
27 Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong.+ Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.
28 U se ke ua ba paki khahlanong le oa heno ntle ho mabaka.+ Joale u ne u tla ba leoatla ka molomo oa hao.+ 29 U se ke ua re: “Feela joalokaha a nkentse, ke tla mo etsa joalo.+ Ke tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.”+
30 Ke ile ka feta haufi le tšimo ea motho ea botsoa+ le haufi le serapa sa morara sa motho eo pelo ea hae e haelloang.+ 31 Bonang! Kaofela ha eona e hlahisitse litlama-tlama.+ Bobatsi bo ne bo e koahetse ka holimo, ’me lerako la eona la majoe le qhaqhiloe.+
32 Kahoo ka talima; ka qala ho ho tebisa pelong;+ ka bona, ka amohela taeo:+ 33 Ho robala hanyenyane, ho re shoa! hanyenyane, ho phutha matsoho hanyenyane hore u robale,+ 34 ’me ka sebele bofutsana ba hao bo tla tla joaloka lesholu la litseleng ’me ho hloka ha hao ho tle joaloka motho ea hlometseng.+