Esaia
25 Jehova, u Molimo oa ka.+ Kea u phahamisa,+ ke roka lebitso la hao,+ etsoe u entse lintho tse hlollang,+ merero+ ho tloha linakong tsa pele, ka botšepehi,+ ka ho ba ea ka tšeptjoang.+ 2 Etsoe u entse motse qubu ea majoe, ua etsa motse o etselitsoeng qhobosheane lithako tse helehang, ua etsa hore tora ea bolulo ea basele e se ke ea e-ba motse, o ke keng oa tsosolosoa esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 3 Ke ka lebaka leo bao e leng sechaba se matla ba tla u tlotlisa; motse oa lichaba tse hatellang, o tla u tšaba.+ 4 Etsoe u fetohile qhobosheane ho ea tlaase, qhobosheane ho mofutsana mahlomoleng a hae,+ setšabelo puleng e nang ka sefefo, moriti+ ha ho chesa, ha pululo ea bahatelli e tšoana le pula e nang ka sefefo lerakong. 5 Joaloka mocheso naheng e se nang metsi, u kokobetsa lerata la basele, mocheso ka moriti oa leru.+ Pina ea thoriso ea bahatelli ea hatelloa.+
6 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle,+ thabeng ena,+ mokete oa lijo tse nang le oli e ngata,+ mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko,+ oa veine+ e nang le litšifa, e tlhotliloeng.+ 7 Ka sebele thabeng ena o tla metsa sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle,+ le moloho o loheletsoeng hammoho holim ’a lichaba tsohle. 8 O tla metsa lefu ka ho sa feleng,+ ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+ O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle,+ etsoe Jehova o boletse hoo.
9 Letsatsing leo ka sebele e mong o tla re: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna.+ Re mo tšepile,+ ’me o tla re pholosa.+ Enoa ke Jehova.+ Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.”+
10 Etsoe letsoho la Jehova le tla lula thabeng ena,+ ’me Moabe e tla hatakeloa+ sebakeng sa eona joalokaha qubu ea joang e hatakeloa sebakeng sa moiteli.+ 11 O tla otlolla matsoho ka har’a eona joalokaha sesesi se a otlolla hore se sese, ’me o tla kokobetsa boikhohomoso ba eona+ ka motsamao o qhekellang oa matsoho a hae. 12 Motse o etselitsoeng qhobosheane, le marako a hao a phahameng a tšireletso, o tla o rapalatsa; o tla o kokobetsa, a o kopanye le lefatše, lerōleng.+