Esaia
26 Letsatsing leo+ ho tla binoa+ pina ena naheng ea Juda:+ “Re na le motse o matla.+ O beha poloko bakeng sa marako le ’mōtōmōtō.+ 2 Bulang liheke,+ hore sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang se kene.+ 3 Tšekamelo e tšehelitsoeng hantle u tla e sireletsa ka khotso e sa khaotseng,+ kahobane motho o etsoa hore a u tšepe.+ 4 Tšepang Jehova+ ka ho sa feleng, etsoe Jah Jehova ke Lefika+ ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.
5 “Etsoe o rapalalitse ba ahileng phahameng,+ motseng o phahameng.+ Oa o kokobetsa, o o kokobeletsa fatše; o o tlisa lerōleng.+ 6 Leoto le tla o hatakela, maoto a ea hlorileng, mehato ea ba tlaase.”+
7 Tsela ea ea lokileng ke ho loka.+ Kaha u lokile, u tla batalatsa tsela ea ea lokileng.+ 8 E, ka lebaka la tsela ea likahlolo tsa hao, Jehova, re u tšepile.+ Takatso ea moea+ e bile bakeng sa lebitso la hao le bakeng sa sehopotso sa hao.+ 9 Ke u lakalitse ka moea oa ka bosiu;+ e, ka moea oa ka ke ntse ke u batla;+ hobane, ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho uena bakeng sa lefatše,+ ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta+ ho loka.+ 10 Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka.+ O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka+ naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.+
11 Jehova, letsoho la hao le phahame,+ empa ha ba le bone.+ Ba tla bona ’me ba hlajoe ke lihlong+ ka lebaka la cheseho bakeng sa batho ba hao. E, ba tla chesoa ke mollo+ o etselitsoeng bahanyetsi ba hao. 12 Jehova, u tla ahlola hore re be le khotso,+ kahobane u re etselitse mesebetsi eohle ea rōna.+ 13 Jehova Molimo oa rōna, benghali ba bang ntle ho uena ba ikentse beng ba rōna.+ Ka thuso ea hao feela re tla bolela lebitso la hao.+ 14 Ba shoele; ba ke ke ba phela.+ Ha ba na matla lefung,+ ba ke ke ba ema.+ Ka hona u etse hloko e le hore u ka ba felisa le ho timetsa ho boleloa hohle ha bona.+
15 U ekelitse sechaba; Jehova, u ekelitse sechaba;+ u itlotlisitse.+ U atoloselitse meeli eohle ea naha hōle.+ 16 Jehova, ba lebisitse tlhokomelo ea bona ho uena nakong ea mahlomola;+ ba hoeshelitse thapelo ha ba lauoa ke uena.+ 17 Feela joaloka mosali oa moimana ha a le haufi le ho beleha, a e-ba le bohloko ba pelehi, a hoeletsa bohlokong ba hae ba pelehi, kahoo le rōna re bile joalo ka lebaka la hao, Jehova.+ 18 Re imme, re bile le bohloko ba pelehi;+ ho joalokaha eka re tsoetse moea. Ha ho poloko ea sebele eo re e finyellang mabapi le naha,+ ’me ha ho baahi ba naha e behang ba tsoaloang.+
19 “Bafu ba hao ba tla phela.+ Litopo tsa rōna—li tla tsoha.+ Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng!+ Kaha phoka+ ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse,+ ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.+
20 “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao.+ Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.+ 21 Etsoe, bonang! Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena,+ ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo+ ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.”+