Esaia
3 Etsoe, bonang! Morena+ oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tlosa setšehetso le thapo e tšehetsang, setšehetso sohle sa bohobe le setšehetso sohle sa metsi+ Jerusalema+ le Juda, 2 monna ea matla le mohlabani, moahloli le moprofeta,+ senohe le monna ea hōlileng,+ 3 molaoli oa ba mashome a mahlano+ le monna ea hlomphehang haholo le moeletsi le setsebi sa boselamose, le moupelli ea nang le tsebo.+ 4 Ka sebele ke tla etsa hore bashanyana e be likhosana tsa bona, ’me ba tla busoa ke matla a botlatlapi.+ 5 Batho ba tla hatellana, e mong a hatelle oa habo.+ Ba tla hlasela, moshanyana a hlasele monna-moholo,+ le ea khelloang tlaase a hlasele ea hlomphuoang.+ 6 Etsoe e mong le e mong o tla tšoara mor’abo ka tlung ea ntat’ae, a re: “U na le seaparo sa ka holimo. U tšoanela ho ba mohatelli+ oa rōna, ’me letšoele lena le lihiloeng le lokela ho ba tlas’a letsoho la hao.” 7 O tla phahamisa lentsoe letsatsing leo, a re: “Nke ke ka ba motlamisi oa maqeba; ’me ka tlung ea ka ha ho na bohobe kapa seaparo sa ka holimo. Le se ke la mpeha hore ke be mohatelli oa batho.”
8 Etsoe Jerusalema e khopiloe, ’me Juda e oele,+ kahobane maleme a tsona le mesebetsi ea tsona e khahlanong le Jehova,+ ka ho rabela mahlong a khanya ea hae.+ 9 Ponahalo ea lifahleho tsa tsona e paka khahlanong le tsona,+ ’me li bolela+ sebe sa tsona se kang sa Sodoma. Ha lia se pata. Ho malimabe meea ea tsona! Etsoe li ipaketse tlokotsi.+
10 E-reng lintho li tla tsamaea hantle bakeng sa ea lokileng,+ etsoe ba tla ja litholoana tsa mesebetsi ea bona.+ 11 Ho malimabe ea khopo!—Tlokotsi; etsoe o tla tšoaroa ka tsela eo a tšoereng ba bang ka eona!+ 12 Ha e le sechaba sa ka, batho ba se abelang mosebetsi ba sebetsana le sona ka thata, ’me se busoa ke basali.+ Lōna sechaba sa ka, ba le eteletseng pele ba etsa hore le hlahlathele,+ ’me ba ferekantse litsela tsa lōna.+
13 Jehova o eme hore a loane ’me o eme hore a lihe kahlolo holim ’a lichaba.+ 14 Jehova o tla kena kahlolong le ba hōlileng sechabeng sa hae le likhosana tsa sona.+
“Lōna le chesitse serapa sa morara. Se nkiloeng ka tlatlapo ho ea hlorileng se ka matlung a lōna.+ 15 Le bolela’ng ka hore ebe le hatella sechaba sa ka, le ka hore ebe le sila lifahleho tsa ba hlorileng?”+ ho bolela ’Musi Morena, Jehova oa mabotho.
16 Jehova o re: “Ka lebaka la hore barali ba Sione ba ikhohomositse ’me ba tsamaea ba thamotse melala ’me mahlo a bona a talimile ka mokhoa o hohelang, ba tsamaea ka mehato e potlakileng, ’me ba etsa molumo o qititsang ka maoto a bona,+ 17 Jehova le eena o tla etsa hore barali ba Sione ba be le likhoo har’a hlooho,+ ’me Jehova o tla pepesa liphatla tsa bona.+18 Ka letsatsi leo Jehova o tla tlosa botle ba mefitšana le mabanta a roaloang hloohong le mekhabiso+ e bōpehileng joaloka khoeli, 19 masale le lipetja le masira,+ 20 lintho tse roaloang hloohong le liketane tsa maotong le linyepa+ le ‘matlo a moea’ le likhetla+ tse khabisang tse hlahisang molumo, 21 masale a monoana le masale a nko,+ 22 liaparo tse telele tsa ka holimo tsa maemo le liaparo tse kang mese le liaparo tsa ka holimo le lipache, 23 le liipone tsa letsoho+ le liaparo tsa ka tlaase le lituku+ le masira a maholo.+
24 “Bakeng sa oli+ ea balsame ho tla ba le monko oa ho bola; ’me bakeng sa lebanta, ho be le ropo; bakeng sa moriri o lokisitsoeng ka bokhabane, ho be le lefatla;+ bakeng sa seaparo sa boleng bo phahameng, ho itlangoe ka lesela la mokotla;+ bakeng sa botle ho be le letšoao la ho chesoa ka tšepe.+ 25 Banna ba hao ba tla lihuoa ka lerumo, ’me matla a hao a lihuoe ka ntoa.+ 26 Menyako ea eona e tla lokela ho siama+ le ho bontša ho sareloa, ’me ka sebele e tla etsoa lesupi. E tla lula fatše.”+