Esaia
33 Ho malimabe uena ea tlatlapang, empa u sa tlatlapuoe, le uena ea sebetsang ka bolotsana, empa ho se ba u sebetsang ka bolotsana!+ Hang ha u qeta ho ba motlatlapi, u tla tlatlapuoa.+ Hang ha u qeta ho sebetsa ka bolotsana, ba tla u sebetsa ka bolotsana.+
2 Jehova, re bontše mohau.+ Re u tšepile.+ E-ba letsoho+ la rōna hoseng ho hong le ho hong,+ e, poloko ea rōna nakong ea mahlomola.+ 3 Batho ba balehile ha ho utloahala molumo oa morusu.+ Lichaba li qhalakantsoe ha u tsoha.+ 4 Thepa ea lōna e hapuoeng+ e tla bokelloa joalokaha maphele a bokana, joaloka sehlopha sa litsie se futuhelang se seng.+ 5 Ka sebele Jehova o tla behoa phahameng,+ etsoe o lula phahameng.+ O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.+ 6 Ho tšepahala ha linako tsa hao e tla ba leruo la poloko+—bohlale le tsebo,+ ho tšaba Jehova,+ e leng letlotlo la hae.
7 Bonang! Bahale ba bona ba hoelelitse seterateng; manģosa a khotso+ a tla lla habohloko. 8 Litsela tse khōlō li entsoe lesupi;+ ea fetang ka tsela o khaolitse.+ O tlōtse selekane;+ o eisitse metse;+ ha aa ela hloko motho ea shoang.+ 9 Naha e siame, e omeletse.+ Lebanone e soabile;+ e tsekolohile. Sharone+ e joaloka thota ea lehoatata; Bashane le Karmele li hlohlora makhasi a tsona.+
10 “Joale ke tla ema,”+ ho bolela Jehova, “joale ke tla iphahamisa;+ joale ke tla phahama.+ 11 Le emotse joang bo omileng;+ le tla tsoala litlhaka. Moea oa lōna, joaloka mollo,+ o tla le qeta.+ 12 Lichaba li tla tšoana le kalaka e chesitsoeng. Joaloka meutloa e remiloeng, li tla chesoa ka mollo.+ 13 Lōna batho ba hōle haholo, utloang seo ke tla se etsa!+ Lōna ba haufi, le tsebe matla a ka.+ 14 Sione baetsalibe ba tšohile;+ ho thothomela ho tšoere bakoenehi:+ ‘Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe mollong o timetsang?+ Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe khanareng e tšoarellang halelele?’+
15 “Ho na le ea tsamaeang ka ho loka+ ho tsoelang pele le ea buang se lokileng,+ ea hanang phaello ea ho hloka toka e tsoang ho ba bolotsana,+ ea hlohlorang matsoho hore a se ke a nka tjotjo,+ ea ithibang litsebe hore li se ke tsa mamela tšollo ea mali, le ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona se sebe.+ 16 Ke eena ea tla lula phahameng;+ sebaka sa hae se phahameng sa tšireletso e tla ba libaka tse mafika tseo ho leng thata ho li atamela.+ Ka sebele o tla fuoa bohobe ba hae;+ phepelo ea hae ea metsi e ke ke ea fela.”+
17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae;+ a tla bona naha e hōle.+ 18 Pelo ea hao e tla bua ka lentsoe le tlaase+ ka ntho e tšosang: “Mongoli o hokae? Ea lefang o hokae?+ Ea balang litora o hokae?”+ 19 U ke ke ua bona batho ba nyelisang, batho ba puo e tebileng hoo u ke keng ua e mamela, ba leleme le kokotletsang hoo u sa utloisiseng.+ 20 Bonang Sione,+ motse oa liketsahalo tsa rōna tsa mokete!+ Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka sa bolulo se se nang khathatso, tente eo ho seng ea tla e phutha.+ Ha ho mohla lithakhisa tsa eona tsa tente li tla motsuloa, ’me ha ho thapo le e ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto tse peli.+ 21 Empa teng Ea Hlomphehang,+ Jehova, ho rōna e tla ba sebaka sa linōka,+ sa litselana tse pharaletseng tsa metsi. Ha ho sehlopha sa likepe tse tsamaisoang ka masokoana se tlang ho tsamaea teng, ’me ha ho sekepe se seholo se tla feta teng. 22 Etsoe Jehova ke Moahloli+ oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng,+ Jehova ke Morena+ oa rōna; o tla re pholosa.+
23 Liropo tsa hao li tla leketla; lipalo tsa tsona tse tšehetsang seile ea sekepe li ke ke tsa tšoarella ka tieo; ha baa ala seile.
Ka nako eo esita le thepa e ngata e hapuoeng e tla aroloa; ba holofetseng ba tla tlatlapa thepa e ngata.+ 24 Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”+ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.+