Esaia
39 Ka nako eo Merodake-baladane+ mora oa Baladane morena oa Babylona+ a romela mangolo le mpho+ ho Ezekiase, ka mor’a hore a utloe hore o ne a kula empa o boetse o matla.+ 2 Kahoo Ezekiase a qala ho ba thabela+ le ho ba bontša ntlo ea hae ea matlotlo,+ silevera le khauta le oli ea balsame le oli+ e ntle le pokello eohle ea hae ea lihlomo+ le sohle se neng se ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae+ le pusong eohle ea hae.+
3 Ka mor’a moo moprofeta Esaia a kena ho Morena Ezekiase ’me a re ho eena:+ “Banna baa ba itse’ng, ’me ba tlile ho uena ba tsoa hokae?” Kahoo Ezekiase a re: “Ba tlile ho ’na ba tsoa naheng e hōle, Babylona.”+ 4 A tsoela pele ho re: “Ba bone eng ka tlung ea hao?”+ Eaba Ezekiase o re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ea ka. Ha ho letho leo ke sa kang ka ba bontša lona matlotlong a ka.” 5 Joale Esaia a re ho Ezekiase:+ “Utloa lentsoe la Jehova oa mabotho, 6 ‘Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.’+ ‘Ha ho letho le tla sala,’+ ho boletse Jehova. 7 ‘Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena, bao u tla ba tsoala, ba tla nkoa+ ’me ba fetohe balaoli+ ba lekhotla ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.’”+
8 Eaba Ezekiase o re ho Esaia: “Lentsoe la Jehova leo u le buileng le molemo.”+ A tsoela pele ho re: “Kahobane khotso le ’nete+ li tla tsoela pele matsatsing a ka.”+