Esaia
58 “Hoeletsa ka lentsoe le phahameng; u se ke ua ithiba.+ Phahamisa lentsoe joaloka lenaka, ’me u bolelle batho ba ka bofetoheli ba bona,+ le ntlo ea Jakobo libe tsa eona. 2 Leha ho le joalo ke ’na eo ba neng ba mo batla letsatsi le letsatsi, ’me ba ne ba bolela hore ba thabela ho tseba litsela tsa ka,+ joaloka sechaba se etsang ho loka le se sa kang sa tlohela toka ea Molimo oa sona,+ ka hore ba ’nile ba kōpa likahlolo tse lokileng ho ’na, ho atamela ho Molimo eo ba mo thabelang,+
3 “‘Re itimme lijo ka lebaka lefe ’me ua se ke ua bona,+ ra hlorisa meea+ ea rōna eaba ha u ele hloko?’+
“Le ile la thabela letsatsi leo le itimmeng lijo ka lona, ha ho ne ho e-na le batho bohle ba lōna ba sehlang bao le ’nileng la ba qobella ho sebetsa.+ 4 Le ne le itima lijo bakeng sa qabang le ntoa,+ le bakeng sa ho otla ka setebele sa bokhopo.+ Na ha lea ka la itima lijo joaloka letsatsing la ha le etsa hore mantsoe a lōna a utluoe phahameng? 5 Na ho itima lijo hoo ke ho khethang ho lokela ho ba tjee, joaloka letsatsi leo ka lona motho oa lefatše a hlorisang moea oa hae?+ Bakeng sa ho inamisa hlooho ea hae joaloka loli, le hore a phutholle lesela la mokotla le molora joaloka setulo+ sa hae se kang bethe? Na see ke sona seo le se bitsang ho itima lijo le letsatsi le amohelehang ho Jehova?
6 “Na hona hase ho itima lijo hoo ke ho khethang? Ho lokolla litlamo tsa bokhopo,+ ho lokolla marapo a joko,+ le ho re ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile,+ le hore le khaole joko e ’ngoe le e ’ngoe likoto tse peli? 7 Na hase hore le arolele ea lapileng bohobe,+ le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna?+ Hore, haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese,+ le hore le se ke la ipatela nama ea lōna?+
8 “Tabeng eo leseli la lōna le ne le tla khanya joaloka mafube;+ ’me le ne le tla fola ka potlako.+ Ka sebele ho loka ha lōna ho ne ho tla tsamaea ka pel’a lōna;+ khanya ea Jehova e ne e tla ba molebeli oa lōna ea ka morao.+ 9 Tabeng eo le ne le tla hooa, ’me Jehova o ne a tla araba; le ne le tla hoeletsa ho kōpa thuso,+ ’me o ne a tla re, ‘Ke ’na enoa!’
“Haeba le tlosa joko har’a lōna,+ ho supa ha lōna ka monoana+ le ho bua se kotsi;+ 10 ’me le fa ea lapileng takatso ea lōna ea moea,+ ’me le khotsofatsa moea o hlorisoang, ka sebele leseli la lōna le tla khanya lefifing, le botšo ba lōna bo be joaloka motšehare.+ 11 Jehova o tla tlameha ho le tsamaisa+ kamehla+ le ho khotsofatsa meea ea lōna naheng e omeletseng,+ ’me o tla matlafatsa masapo a lōna; le tla tšoana le serapa se nang le metsi a mangata,+ le tšoane le mohloli oa metsi, oo metsi a oona a ke keng a thetsa. 12 Ka tšusumetso ea lōna ka sebele batho ba tla haha libaka tse ripitliloeng nako e telele;+ le tla tsosa metheo ea meloko e tsoelang pele.+ Le tla bitsoa ba lokisang likheo,+ ba tsosolosang litsela tseo ho tla luloa ho tsona.
13 “Haeba ka lebaka la sabatha le tla khutlisa maoto a lōna tabeng ea ho etsa seo le se thabelang ka letsatsi la ka le halalelang,+ ’me le bitse sabatha thabo ea lōna e phethehileng, letsatsi le halalelang la Jehova, le tlotlisoang,+ ’me le le tlotlise ho e-na le ho etsa litsela tsa lōna, ho e-na le ho batla se le thabisang le ho bua lentsoe; 14 tabeng eo le tla fumana thabo e phethehileng ho Jehova,+ ’me ke tla le palamisa libakeng tse phahameng tsa lefatše;+ ’me ke tla etsa hore le je lefa la moholo-holo oa lōna Jakobo,+ kaha molomo oa Jehova o ho boletse.”+