Jeremia
10 Utloang lentsoe leo Jehova a le boletseng khahlanong le lōna, ba ntlo ea Iseraele. 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ho hang le se ke la ithuta litsela tsa lichaba,+ ’me le se ke la tšosoa ke lipontšo tsa maholimo, hobane lichaba li tšosoa ke tsona.+ 3 Etsoe litloaelo tsa lichaba+ ke pululo feela, hobane ke sefate feela+ ka har’a moru seo motho a se remileng, mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho o entsoeng ka thipa e nang le ntlha e hakang.+ 4 Motho o etsa hore se be setle ka silevera le ka khauta.+ Ba li khokhothela ka lipekere le ka lihamore, e le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng se sisinyehang.+ 5 Li joaloka setšosa sa tšimo ea likomkomere, ’me ha li tsebe ho bua.+ Ruri lia kakasoa, etsoe ha li khone ho tlosa leoto.+ Le se ke la li tšaba, etsoe li ke ke tsa etsa letho le bakang tlokotsi ’me, ho feta moo, ha li khone ho etsa letho le molemo.”+
6 Ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe, Jehova.+ U moholo, ’me lebitso la hao le leholo ka matla.+ 7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba,+ Uena Morena oa lichaba,+ etsoe hoo ho u loketse; hobane har’a bohle ba bohlale ba lichaba le har’a borena bohle ba bona ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe.+ 8 Ka nako e tšoanang ha ba nahane ’me ba hloka kelello.+ Sefate ke keletso feela ea mafeela.+ 9 Ho tlisoa silevera e teiloeng hore e be makapa ho tsoa Tarshishe,+ le khauta e tsoang Ufaze,+ mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa matsoho a ea sebetsang ka tšepe; liaparo tsa bona ke tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu. Kaofela ke mosebetsi oa batho ba nang le tsebo.+
10 Empa kannete Jehova ke Molimo.+ Ke Molimo ea phelang+ le Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae,+ ’me ha ho na lichaba tse tla tiisetsa tlas’a nyatso ea hae.+ 11 Sena ke seo le tla li bolella sona: “Melimo+ e sa kang ea etsa maholimo le lefatše ke eona e tla timela lefatšeng+ le ka tlas’a maholimo ana.” 12 Ke Moetsi oa lefatše ka matla a hae,+ Ea tiisang ka thata ka bohlale ba hae naha e behang,+ le Eo ka kutloisiso ea hae a otlolotseng maholimo.+ 13 Ha a bua o fana ka metsi a entseng molumo maholimong,+ ’me o nyolla mouoane pheletsong ea lefatše.+ O entse le mekoallo ea metsi bakeng sa pula,+ ’me o hlahisa moea matlong a hae a polokelo.+
14 Motho e mong le e mong o itšoere ka mokhoa o sa nahaneng e le hore a se ke a tseba.+ Ka sebele e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla ikutloa a hlabiloe ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng;+ etsoe setšoantšo sa hae se entsoeng ka ho qhibilihisoa ke leshano,+ ’me ha ho na moea ho tsona.+ 15 Ke lefeela, sesomo.+ Li tla timela nakong ea ha li eloa hloko.+
16 Kabelo ea Jakobo+ ha e joaloka lintho tsena, etsoe ke Moetsi oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ ’me Iseraele ke lere la lefa la hae.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+
17 Phutha thōtō ea hao lefatšeng,+ Uena mosali ea lulang tlas’a khatello.+ 18 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! lekhetlong lena ke tjeketjela baahi ba lefatše,+ ’me ke tla ba bakela mahlomola e le hore ba ka fumana.”+
19 Ke malimabe ka lebaka la ho sithabela ha ka!+ Leqeba la ka le fetohile le kulisang. Ke itse: “Ka sebele bona ke boloetse ba ka, ’me ke tla bo mamella.+ 20 Tente ea ka e tlatlapuoe, le lithapo tsa tente ea ka kaofela li khaotsoe likoto tse peli.+ Bara ba ka ba tlohile ho ’na, ’me ha ba sa le eo.+ Ha ho sa na ea phuthollang tente ea ka kapa ea emisang masela a tente ea ka. 21 Etsoe balisa ba itšoere ka mokhoa o sa nahaneng,+ ’me ha baa batla Jehova.+ Ke ka lebaka leo ba sa etsang ka temohisiso, ’me liphoofolo tsohle tsa bona tse fulang lekhulong li hasane.”+
22 Mamelang! Tlaleho! Bonang! e tlile, le ho tila ho hoholo ho tlile ho tsoa naheng ea leboea,+ e le hore metse ea Juda e etsoe lesupi, selao sa liphokojoe.+
23 Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.+ 24 Leha ho le joalo Jehova, u nkhalemele ka kahlolo;+ eseng bohaleng ba hao,+ e le hore u se ke ua nketsa lefeela.+ 25 Tšollela khalefo ea hao holim ’a lichaba+ tse u hlokomolohileng,+ le holim ’a malapa a sa kang a ipiletsa lebitsong la hao.+ Etsoe a qetile Jakobo.+ E, a e qetile, ’me a ntse a e felisa;+ a entse sebaka sa eona sa bolulo lesupi.+