Jeremia
16 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “U se ke ua inkela mosali, ’me u se ke ua ba le bara le barali sebakeng sena.+ 3 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le bara le malebana le barali ba tsoalloang sebakeng sena, le malebana le bo-’m ’a bona ba ba belehang le malebana le bo-ntat’a bona ba etsang hore ba tsoalloe naheng ena,+ 4 ‘Ba tla bolaoa ke mafu.+ Ba ke ke ba lleloa,+ kapa ba patoa.+ Ba tla fetoha moiteli holim ’a lefatše;+ ’me ba tla felisoa ka sabole le ke tlala,+ ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le tsa liphoofolo tsa lefatše.’+
5 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘U se ke ua kena ka tlung ea mokete oa ba siameng, ’me u se ke ua ea lla ’me u se ke ua ba utloela bohloko.’+
“‘Etsoe ke tlositse khotso ea ka sechabeng sena,’ ho bolela Jehova, ‘le mosa o lerato le mehauhelo.+ 6 Ka sebele ba tla shoa, ba baholo le ba banyenyane, naheng ena. Ba ke ke ba patoa,+ kapa hona hore batho ba ikotle ka lebaka la bona, leha e le hore ho na le ea tla itšeha+ kapa a ipeole ka lebaka la bona.+ 7 Ba ke ke ba ba ngoathela bohobe ho hang ka lebaka la ho siama bakeng sa ho tšelisa e mong ka lebaka la ea shoeleng;+ kapa ba ba fa senoelo sa matšeliso hore ba se noe ka lebaka la ntat’a motho kapa ka lebaka la ’m ’ae.+ 8 Ho hang u se ke ua kena ka tlung ea mokete ho lula le bona hore u je u noe.’+
9 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke felisa lentsoe la thabo e khaphatsehang le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa sebakeng sena ka pel’a mahlo a lōna le matsatsing a lōna.’+
10 “Etlare ha u bolella sechaba sena mantsoe ana ’ohle ’me se re ho uena, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova a boletseng tlokotsi ena eohle e khōlō khahlanong le rōna, ’me phoso ea rōna ke efe le sebe seo re sitetsoeng Jehova Molimo oa rōna ka sona ke sefe?’+ 11 u tla re ho sona, ‘“Ke ka lebaka la hore bo-ntat’a lōna ba ntlohetse,”+ ho bolela Jehova, “’me ba ’nile ba latela melimo e meng ’me ba e sebeletsa ’me ba e inamela.+ Empa ’na ba ntlohetse, ’me ha baa boloka molao oa ka.+ 12 Lōna le entse hampe ho feta bo-ntat’a lōna,+ e mong le e mong o latela manganga+ a pelo ea hae e mpe ka ho se ’mamele.+ 13 Ke tla le ntša naheng ena+ ke le lahlele naheng eo le sa kang la e tseba,+ leha e le bo-ntat’a lōna, ’me le tla lokela ho sebeletsa melimo+ e meng moo bosiu le motšehare, kahobane nke ke ka le bontša kamohelo leha e le efe.”’
14 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’+ ho bolela Jehova, ‘ao ka ’ona ho ke keng ha hlola ho thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng ea Egepeta!”+ 15 empa ho tla thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyelitse ho tsona!” ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona, eo ke e fileng baholo-holo ba bona.’+
16 “‘Bonang! ke romeletsa hore ho be le batšoasi ba bangata ba litlhapi,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ba tla ba tšoasa; ka mor’a moo ke tla romeletsa hore ho be le litsomi tse ngata,+ ’me ka sebele li tla ba tsoma thabeng e ’ngoe le e ’ngoe le leralleng le leng le le leng le mafarung a mafika.+ 17 Etsoe mahlo a ka a talimile litsela tsohle tsa bona. Ha baa pateha ka pel’a ka, leha e le hore liphoso tsa bona li patehile ka pel’a mahlo a ka.+ 18 Pele ho tsohle, ke tla buseletsa liphoso tsa bona+ le libe tsa bona ka ho feletseng, ka lebaka la ho silafatsa ha bona naha ea ka.+ Ba ne ba tlatsitse lefa la ka ka litopo tsa lintho tsa bona tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse manyala.’”+
19 Jehova matla a ka le qhobosheane ea ka, le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+ lichaba li tla tla ho uena li tsoa lipheletsong tsa lefatše,+ ’me li tla re: “Baholo-holo ba rōna ba ruile leshano,+ lefeela le lintho tseo ho tsona ho neng ho se letho le molemo.”+ 20 Na motho oa lefatše a ka iketsetsa melimo le hoja e se melimo?+
21 “Ka hona bonang! ke etsa hore ba tsebe; ka nako ena e le ’ngoe ke tla etsa hore ba tsebe letsoho la ka le matla a ka,+ ’me ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”+