Jeremia
24 Jehova a mpontša, ’me bonang! libaskete tse peli tsa lifeiga tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova, ka mor’a hore Nebukadrezare morena oa Babylona a ise kholehong Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, le likhosana tsa Juda le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho+ le lihahi tsa lerako la tšireletso, ho tsoa Jerusalema e le hore a ka ba isa Babylona.+ 2 Ha e le basketeng e ’ngoe, lifeiga li ne li le ntle haholo, joaloka lifeiga tse butsoang pele;+ ha e le basketeng e ’ngoe, lifeiga li ne li le mpe haholo, hoo li neng li ke ke tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona.
3 Jehova a re ho ’na: “U bona’ng Jeremia?” Kahoo ka re: “Ke bona lifeiga, lifeiga tse ntle li ntle haholo, ’me lifeiga tse mpe li mpe haholo, hoo li ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona.”+
4 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 5 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Joaloka lifeiga tsena tse ntle, ke tla talima joalo ba isitsoeng kholehong ba Juda, bao ke tla re ba tlohe sebakeng sena ba ee naheng ea Bakalde,+ ka tsela e ntle.+ 6 Ke tla ba beha leihlo ka tsela e ntle,+ ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ena.+ Ke tla ba haha, ’me nke ke ka ba liha; ke tla ba hloma, ’me nke ke ka ba fothola.+ 7 Ke tla ba fa pelo ea ho ntseba,+ hore ke ’na Jehova; ’me e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona, etsoe ba tla khutlela ho ’na ka lipelo tsohle tsa bona.+
8 “‘Joaloka lifeiga tse mpe tse ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona,+ sena ha e le hantle ke seo Jehova a se boletseng: “Kahoo ke tla nehelana ka Tsedekia+ morena oa Juda le likhosana tsa hae le masala a Jerusalema a setseng naheng+ ena le ba lulang naheng ea Egepeta+— 9 Hape ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele, tlokotsing, mebusong eohle ea lefatše,+ nyelisong le polelong ea maele, sesomong+ le thohakong,+ libakeng tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona.+ 10 Ke tla romela sabole+ khahlanong le bona, tlala+ le lefu la seoa,+ ho fihlela ba fela naheng eo ke e fileng bona le baholo-holo ba bona.”’”+