Jeremia
29 Ana ke mantsoe a lengolo leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela le tsoa Jerusalema le e-ea ho masala a banna ba baholo ba batho ba isitsoeng kholehong le ho baprista le ho baprofeta le ho batho bohle, bao Nebukadnezare a neng a ba isitse kholehong Babylona ba tloha Jerusalema,+ 2 ka mor’a hore Morena Jekonia+ le mofumahali+ le balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema,+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi tsa marako a tšireletso+ li tsoe Jerusalema. 3 E bile ka letsoho la Elasa mora oa Shafane+ le la Gemaria mora oa Hilkia, bao Tsedekia+ morena oa Juda a ileng a ba romela Babylona ho Nebukadnezare morena oa Babylona, a re:
4 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boleletseng batho bohle ba isitsoeng kholehong, bao ke entseng hore ba isoe kholehong+ Babylona ba tloha Jerusalema, 5 ‘Hahang matlo ’me le lule ho ’ona, ’me le leme lirapa le je litholoana tsa tsona.+ 6 Inkeleng basali ’me le tsoale bara le barali;+ le nkele bara ba lōna basali ’me le nehelane ka barali ba lōna ho banna, e le hore ba tle ba tsoale bara le barali; ’me ba ngatafale moo, ba se ke ba fokola. 7 Hape, le batlele motse oo ke entseng hore le ee kholehong ho oona khotso, ’me le o rapelle ho Jehova, etsoe ka khotso ea oona le tla ba le khotso.+ 8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Baprofeta ba lōna ba har’a lōna le linohe tsa lōna li se ke tsa le thetsa,+ ’me le se ke la mamela litoro tsa tsona tseo li li lorang.+ 9 Etsoe ‘li le profetela leshano ka lebitso la ka. Ha kea ka ka li roma,’+ ho bolela Jehova.”’”
10 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna,+ ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena.’+
11 “‘Etsoe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi,+ ho le fa bokamoso le tšepo.+ 12 Ka sebele le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.’+
13 “‘Le tla mpatla ’me le mphumane,+ etsoe le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lōna.+ 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla bokella sehlopha sa baholehuoa ba lōna ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le qhalakanyelitseng ho tsona,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla le khutlisetsa sebakeng seo ke entseng hore le ee kholehong le le ho sona.’+
15 “Empa le itse, ‘Jehova o re hlahiselitse baprofeta Babylona.’
16 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng ho morena ea lutseng teroneng ea Davida+ le ho sechaba sohle se lulang motseng ona, barab’abo lōna ba sa eang le lōna kholehong,+ 17 ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bonang! ke romela sabole,+ tlala+ le lefu la seoa+ khahlanong le bona, ’me ke tla ba etsa joaloka lifeiga tse phatlohileng tse ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe.”’+
18 “‘Ke tla ba lelekisa ka sabole, ka tlala le ka lefu la seoa, ’me ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele ka pel’a mebuso eohle ea lefatše,+ bakeng sa thohako le ho ba ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi le nyeliso har’a lichaba tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona,+ 19 ka lebaka la hore ha baa mamela mantsoe a ka,’ ho bolela Jehova, ‘ao ke ba rometseng ’ona ka bahlanka ba ka baprofeta, ke tsoha hoseng ’me ke ba romela.’+
“‘Empa ha lea mamela,’+ ho bolela Jehova.
20 “Ha e le lōna, utloang lentsoe la Jehova, lōna batho bohle ba isitsoeng kholehong,+ bao ke ba tlositseng Jerusalema ka ba isa Babylona.+ 21 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng malebana le Akabe mora oa Kolaia le ho Tsedekia mora oa Maseia, ba le profetelang leshano ka lebitso la ka,+ ‘Bonang! ke nehelana ka bona letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, ’me o tla ba bolaea ka pel’a mahlo a lōna.+ 22 Ka sebele sehlopha sohle sa baholehuoa ba Juda ba leng Babylona se tla nka bomalimabe ho bona, se re: “E se eka Jehova a ka u etsa joaloka Tsedekia le joaloka Akabe,+ bao morena oa Babylona a ba besitseng mollong!”+ 23 ka lebaka la hore ba ntšelitse pele ho se be le kelello Iseraele,+ ’me ba ntse ba feba le basali ba metsoalle+ ea bona ’me ka lebitso la ka ba ntse ba bolela ka bohata lentsoe leo ke sa kang ka ba laela lona.+
“‘“Ke ’na Ea tsebang ’me ke paki,”+ ho bolela Jehova.’”
24 “Ho Shemaia+ oa Nehelame u tla re, 25 ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ka lebaka la hore u rometse ka lebitso la hao mangolo+ ho sechaba sohle se Jerusalema, le ho Sofonia+ mora oa Maseia, moprista, le ho baprista bohle, ua re, 26 ‘Jehova o u entse moprista sebakeng sa moprista Jehojada, e le hore u be molebeli e moholo oa ntlo ea Jehova+ ho monna leha e le ofe ea hlanyang+ le ea itšoarang joaloka moprofeta, ’me u mo kenye metšoasong ea maoto le matsoho le metšoasong ea hlooho le matsoho;+ 27 joale, ke hobane’ng ha u sa khalemela Jeremia oa Anathothe+ ka matla, ea itšoarang joaloka moprofeta ho lōna?+ 28 Etsoe ke ka lebaka leo a romelelitseng ho rōna Babylona, a re: “E tla nka nako e telele! Hahang matlo ’me le lule ho ’ona, ’me le leme lirapa le je litholoana tsa tsona,+—”’”’”
29 Moprista Sofonia+ a bala lengolo lena moo moprofeta Jeremia a ntseng a utloa.
30 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia, la re: 31 “Romeletsa ho batho bohle ba isitsoeng kholehong,+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le Shemaia oa Nehelame: “Ka lebaka la hore Shemaia o le profetetse, empa ke sa ka ka mo roma, ’me o lekile ho etsa hore le tšepe leshano,+ 32 ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Shemaia+ oa Nehelame le ho bana ba hae.’+
“‘“‘A ke ke a ba le motho ea lulang har’a sechaba sena;+ ’me a ke ke a talima molemo oo ke o etsetsang sechaba sa ka,’ ho bolela Jehova, ‘kaha o boletse bofetoheli bo pepenene khahlanong le Jehova.’”’”+